1 Dikgosi 19:15-19 BIBELE (SSO89SO)

15. Yaba Morena o re ho yena: “Ikgate mohlala, o ye lehwatateng la Damaseka. Ha o fihla teng, o tlotse Hasaele, e be kgosi ya Arame.

16. Jehu, mora wa Nimeshi, yena o mo tlotse, e be kgosi ya Iseraele; le Elisha, mora wa Shafate wa Abele-Menola o mo tlotse, e be moporofeta bakeng sa hao.

17. Ya tla phonyoha saboleng sa Hasaele, o tla bolawa ke Jehu, mme ya tla phonyoha saboleng ya Jehu, o tla bolawa ke Elisha.

18. Empa ke tla siya ba dikete tse supileng naheng ya Iseraele, e leng bohle ba sa kang ba kgumamela Baale, le bohle ba sa kang ba mo aka.”

19. Yaba Elia o a tsamaya, mme a fumana Elisha, mora wa Shafate, moo ho ntseng ho lengwa ka dipane tse leshome le metso e mmedi tsa dipholo, yena a lema ka sepane sa leshome le metso e mmedi. Elia a fihla a feta pela Elisha, yaba o akgela kobo ya hae hodima hae.

1 Dikgosi 19