9. Yaba Obadiya o re: “Ke o sitetswe kang, ha e le moo o batla ho neelana ka nna matsohong a Akabe, hore a mpolaye?
10. Ka Modimo ya phelang, ha ho setjhaba kapa mmuso oo monga ka a sa kang a ya o batla ho wona; ere ha ba re: <Ha a yo,> ebe o hlapantsha mmuso oo kapa setjhaba seo, hore ruri o fela o le siyo.
11. Jwale wena o re: <Tsamaya o yo bolella monga hao hore Elia o teng.>
12. Etlare hanghang ha ke kgaohana le wena, moya wa Morena o o nkele moo ke sa tsebeng, mme ha ke fihla ke bolella Akabe hore o teng, feela a sa o fumane, ebe o a mpolaya, le hoja nna, mohlanka wa hao, ke hlomphile Morena ho tloha botjheng ba ka.
13. Monga ka, na ha o eso utlwe seo ke neng ke se etse ha Jesabele a ne a bolaya baporofeta ba Morena? Ke ne ke pate baporofeta ba Morena ba lekgolo: ba mashome a mahlano ka lehaheng le leng, le ba mashome a mahlano ka ho le leng, mme ka ba fepa, ka ba fa metsi.
14. Empa jwale o re: <Tsamaya o yo bolella monga hao hore Elia o teng,> a tle a mpolaye!”
15. Yaba Elia o re: “Ka Morena ya phelang, molaodi wa tsohle eo ke mo sebeletsang, ke a o tiisetsa, ke tla ikisa ho yena kajeno.”
16. Kahoo Obadiya a ya ho Akabe, a mmolella. Yaba Akabe o ya kgahlanyetsa Elia.
17. Ha Akabe a bona Elia a re ho yena: “Kajeno re kopane, mohlorisi towe wa Iseraele!”