38. Yaba mollo wa Morena o theoha hodimo, o tjhesa sehlabelo sa setjheso, le patsi, le majwe, le lerole; o monya le metsi a neng a le ka moseleng.
39. Ha batho bohle ba bona hoo, ba itihela fatshe ka difahleho, ba re: “Morena ke yena Modimo! Morena ke yena Modimo!”
40. Elia a re ho bona: “Tshwarang baporofeta ba Baale, le se ke la tlohela le ya mong wa bona a phonyoha!” Ba ba tshwara, Elia a ba theolela ka molatswaneng wa Kishone, a ba bolaela hona moo.
41. Yaba Elia o re ho Akabe: “Tsamaya o yo ja, o nwe, hobane ke utlwa ho hwasa ha pula ya ditlwebelele.”
42. Akabe a tsamaya ho ya ja le ho nwa. Elia yena a nyolohela tlhorong ya Karamele, a fihla a putlama fatshe, a kenya hlooho pakeng tsa mangwele.
43. A re ho mohlanka wa hae: “Nyolohela hodingwana, o akgele mahlo nqa lewatle.”A nyoloha, a akgela mahlo, a re: “Ha ho letho.”Yaba Elia o re: “Boela hape!” A boela hasupa.
44. Ka kgetlo la bosupa, mohlanka a re: “Ke bona lerunyana le lekaalo ka seatla sa motho le nyoloha lewatleng.”Elia a re: “Tsamaya o ye ho Akabe, o re: <Palama koloi ya hao, o ye hae, esere pula ya o thibella!> ”
45. Ka ho panya ha ntshi feela, lehodimo la fifala ke maru a matsho, moya wa pukutsa, ha na pula ya ditlwebelele. Akabe a palama, a ya Jesereele.
46. Morena a matlafatsa Elia, a itlama letheka, a kgisa ka sekaja kapele ho Akabe, ho ya fihla Jesereele.