1 Dikgosi 18:37-44 BIBELE (SSO89SO)

37. Ako nkutlwe, Morena! Ako nkutlwe, setjhaba sena se tle se tsebe hore wena, Morena, o Modimo, le hore o sokolotse dipelo tsa sona hape.”

38. Yaba mollo wa Morena o theoha hodimo, o tjhesa sehlabelo sa setjheso, le patsi, le majwe, le lerole; o monya le metsi a neng a le ka moseleng.

39. Ha batho bohle ba bona hoo, ba itihela fatshe ka difahleho, ba re: “Morena ke yena Modimo! Morena ke yena Modimo!”

40. Elia a re ho bona: “Tshwarang baporofeta ba Baale, le se ke la tlohela le ya mong wa bona a phonyoha!” Ba ba tshwara, Elia a ba theolela ka molatswaneng wa Kishone, a ba bolaela hona moo.

41. Yaba Elia o re ho Akabe: “Tsamaya o yo ja, o nwe, hobane ke utlwa ho hwasa ha pula ya ditlwebelele.”

42. Akabe a tsamaya ho ya ja le ho nwa. Elia yena a nyolohela tlhorong ya Karamele, a fihla a putlama fatshe, a kenya hlooho pakeng tsa mangwele.

43. A re ho mohlanka wa hae: “Nyolohela hodingwana, o akgele mahlo nqa lewatle.”A nyoloha, a akgela mahlo, a re: “Ha ho letho.”Yaba Elia o re: “Boela hape!” A boela hasupa.

44. Ka kgetlo la bosupa, mohlanka a re: “Ke bona lerunyana le lekaalo ka seatla sa motho le nyoloha lewatleng.”Elia a re: “Tsamaya o ye ho Akabe, o re: <Palama koloi ya hao, o ye hae, esere pula ya o thibella!> ”

1 Dikgosi 18