1 Dikgosi 18:33-40 BIBELE (SSO89SO)

33. A tjheha patsi ya mollo, a tshela pohwana, a bea ditho tsa yona hodima patsi, a re: “Tlatsang dinkgo tse nne metsi, le tshele sehlabelo sa setjheso le patsi ka wona.”

34. Yaba o re: “Etsang jwalo kgetlo la bobedi!” Ba etsa jwalo kgetlo la bobedi.A boela a re: “Etsang jwalo kgetlo la boraro!” Ba etsa jwalo kgetlo la boraro.

35. Metsi a tsholoha le mahlakoreng wohle a aletare, le mosele ba o tlatsa metsi.

36. Ha nako ya ho etsa nyehelo ya mantsiboya ya sehlabelo sa setjheso, e fihlile, moporofeta Elia a atamela, a re: “Oho, Morena Modimo wa Aborahama, le Isaka, le Iseraele, a ho ke ho tsejwe kajeno, hore o Modimo wa Iseraele, le hore nna ke mohlanka wa hao, le hore ke entse dintho tsena tsohle ka taelo ya hao.

37. Ako nkutlwe, Morena! Ako nkutlwe, setjhaba sena se tle se tsebe hore wena, Morena, o Modimo, le hore o sokolotse dipelo tsa sona hape.”

38. Yaba mollo wa Morena o theoha hodimo, o tjhesa sehlabelo sa setjheso, le patsi, le majwe, le lerole; o monya le metsi a neng a le ka moseleng.

39. Ha batho bohle ba bona hoo, ba itihela fatshe ka difahleho, ba re: “Morena ke yena Modimo! Morena ke yena Modimo!”

40. Elia a re ho bona: “Tshwarang baporofeta ba Baale, le se ke la tlohela le ya mong wa bona a phonyoha!” Ba ba tshwara, Elia a ba theolela ka molatswaneng wa Kishone, a ba bolaela hona moo.

1 Dikgosi 18