28. Ba howa haholo, mme ka mokgwa wa bona ba itshehaka ka dithipa le ka mahare, ho fihlela madi a bona a phorosela.
29. Ba nna ba palaola, jwaloka mahlanya, ho fihlela e eba nako ya ho etsa nyehelo ya mantsiboya, empa ha se ke ha eba le lentswe, kapa motho ya arabelang, kapa ya ba natsang.
30. Jwale Elia a re ho setjhaba sohle: “Atamelang kwano!” Setjhaba sohle sa atamela ho yena. Yaba o tsosa aletare ya Morena e neng e heleditswe.
31. Elia a nka majwe a leshome le metso e mmedi, ho lekanya palo ya merabe ya bana ba Jakobo, eo lentswe la Morena le neng le fihle ho yena, la re: “Lebitso la hao e tla ba Iseraele.”
32. Ka majwe ao a hahela Morena aletare. A tjheka mosele o potapotang aletare, o ka lekanang ho tshela dilethara tse leshome le metso e mene tsa metsi.
33. A tjheha patsi ya mollo, a tshela pohwana, a bea ditho tsa yona hodima patsi, a re: “Tlatsang dinkgo tse nne metsi, le tshele sehlabelo sa setjheso le patsi ka wona.”
34. Yaba o re: “Etsang jwalo kgetlo la bobedi!” Ba etsa jwalo kgetlo la bobedi.A boela a re: “Etsang jwalo kgetlo la boraro!” Ba etsa jwalo kgetlo la boraro.
35. Metsi a tsholoha le mahlakoreng wohle a aletare, le mosele ba o tlatsa metsi.
36. Ha nako ya ho etsa nyehelo ya mantsiboya ya sehlabelo sa setjheso, e fihlile, moporofeta Elia a atamela, a re: “Oho, Morena Modimo wa Aborahama, le Isaka, le Iseraele, a ho ke ho tsejwe kajeno, hore o Modimo wa Iseraele, le hore nna ke mohlanka wa hao, le hore ke entse dintho tsena tsohle ka taelo ya hao.