1 Dikgosi 18:21-28 BIBELE (SSO89SO)

21. Elia a fihla ho setjhaba sohle, a re ho sona: “Le tla ba bo-temepedi ho fihlela neng? Haeba Morena ke yena Modimo, mo sebeletseng; le teng haeba Baale ke yena Modimo, sebeletsang yena.” Empa setjhaba sa kgutsa tu!

22. Yaba Elia o re ho setjhaba: “Ke nna ke le mong feela ya setseng wa baporofeta ba Morena, athe baporofeta ba Baale bona ba makgolo a mane le mashome a mahlano.

23. Re tlisetseng dipohwana tse pedi, baporofeta ba Baale ba ikgethele e nngwe ya tsona, ba e tshele, ba e bee hodima patsi e tjhehileng mollo, ba se ke ba e hotetsa; le nna ke tla tshela pohwana e nngwe, ke e bee hodima patsi, ebe ha ke hotetse mollo.

24. Jwale le bitse medimo ya lona, le nna ke tla bitsa Morena, mme modimo ya tla arabela ka ho hotetsa mollo e tla ba ke yena Modimo.”Setjhaba sa arabela kaofela, sa re: “O nepile ditaba!”

25. Jwale Elia a re ho baporofeta ba Baale: “Ha ho qale lona ho kgetha pohwana, le be le e tshele, hobane le bangata; ebe le bitsa medimo ya lona, feela le se ke la hotetsa mollo.”

26. Yaba ba nka pohwana eo ba e neilweng, ba a e tshela, ba bitsa Baale ho tloha hoseng, ho fihlela hara mpa ya motsheare, ba ntse ba re: “Oho, Baale, ako re arabe!” Empa ha se ke ha eba le lentswe, kapa motho ya arabelang. Ba tlolaka pela aletare eo ba neng ba e hahile.

27. Hara mpa ya motsheare Elia a ba soma, a re: “Howeletsang haholo, hobane Baale ke modimo! Mohlomong o sa le boikgutsong, kapa o ilo ithoma, kapa o leetong, kapa mohlomong o robetse, mme eka kgona a tsoswe.”

28. Ba howa haholo, mme ka mokgwa wa bona ba itshehaka ka dithipa le ka mahare, ho fihlela madi a bona a phorosela.

1 Dikgosi 18