1 Dikgosi 18:13-25 BIBELE (SSO89SO)

13. Monga ka, na ha o eso utlwe seo ke neng ke se etse ha Jesabele a ne a bolaya baporofeta ba Morena? Ke ne ke pate baporofeta ba Morena ba lekgolo: ba mashome a mahlano ka lehaheng le leng, le ba mashome a mahlano ka ho le leng, mme ka ba fepa, ka ba fa metsi.

14. Empa jwale o re: <Tsamaya o yo bolella monga hao hore Elia o teng,> a tle a mpolaye!”

15. Yaba Elia o re: “Ka Morena ya phelang, molaodi wa tsohle eo ke mo sebeletsang, ke a o tiisetsa, ke tla ikisa ho yena kajeno.”

16. Kahoo Obadiya a ya ho Akabe, a mmolella. Yaba Akabe o ya kgahlanyetsa Elia.

17. Ha Akabe a bona Elia a re ho yena: “Kajeno re kopane, mohlorisi towe wa Iseraele!”

18. Elia a mo araba, a re: “Ha ke eso hlorise Iseraele, empa ke wena le ba lelapa leno ba hlorisang Iseraele, hobane le furaletse melao ya Morena, mme wena o sebeletsa bo-Baale.

19. Kahoo, mane thabeng ya Karamele, mmemele pitso ya Baiseraele bohle, le baporofeta ba Baale ba makgolo a mane le mashome a mahlano, le baporofeta ba Ashera ba makgolo a mane, ba feptjwang ke Jesabele.”

20. Yaba Akabe o mema bana bohle ba Iseraele, o bokella le baporofeta ba Baale thabeng ya Karamele.

21. Elia a fihla ho setjhaba sohle, a re ho sona: “Le tla ba bo-temepedi ho fihlela neng? Haeba Morena ke yena Modimo, mo sebeletseng; le teng haeba Baale ke yena Modimo, sebeletsang yena.” Empa setjhaba sa kgutsa tu!

22. Yaba Elia o re ho setjhaba: “Ke nna ke le mong feela ya setseng wa baporofeta ba Morena, athe baporofeta ba Baale bona ba makgolo a mane le mashome a mahlano.

23. Re tlisetseng dipohwana tse pedi, baporofeta ba Baale ba ikgethele e nngwe ya tsona, ba e tshele, ba e bee hodima patsi e tjhehileng mollo, ba se ke ba e hotetsa; le nna ke tla tshela pohwana e nngwe, ke e bee hodima patsi, ebe ha ke hotetse mollo.

24. Jwale le bitse medimo ya lona, le nna ke tla bitsa Morena, mme modimo ya tla arabela ka ho hotetsa mollo e tla ba ke yena Modimo.”Setjhaba sa arabela kaofela, sa re: “O nepile ditaba!”

25. Jwale Elia a re ho baporofeta ba Baale: “Ha ho qale lona ho kgetha pohwana, le be le e tshele, hobane le bangata; ebe le bitsa medimo ya lona, feela le se ke la hotetsa mollo.”

1 Dikgosi 18