1. Kamora ditshiu tse ngata, ka selemo sa boraro, lentswe la Morena la fihla ho Elia, la re: “Tsamaya o yo itlhahisa kapele ho Akabe, mme ke tla nesetsa lefatshe pula.”
2. Yaba Elia o ya itlhahisa kapele ho Akabe. A fumana Samaria tlala e le ya bojadikata.
3. Yaba Akabe o bitsa Obadiya, eo e neng e le mookamedi wa lelapa la Akabe, mme a hlompha Morena haholo.
4. Mohla Jesabele a neng a bolaya baporofeta ba Morena, Obadiya o ne a nke baporofeta ba lekgolo, a pata ba mashome a mahlano ka lehaheng le leng, le ba mashome a mahlano ka ho le leng, a ba fepa, a ba fa metsi.
5. Yaba Akabe o re ho Obadiya: “Tsamaya le naha, o hlahlobe didiba tsohle le melatswana yohle; mohlomong re ka fumanela dipere le dimmeile jwangnyana, di tle di phele, re se shwelwe ke diphoofolo tsohle.”
6. Kahoo ba arolelana naha hore ba tle ba e hlahlobe; Akabe a nka tsela ya hae, mme Obadiya le yena a nka ya hae.
7. Ha Obadiya a ntse a tsamaya, a kopana le Elia. Obadiya a mo tseba, yaba o obama kapele ho yena, o re: “Na ke wena Elia, monga ka?”
8. A mo araba, a re: “Ke nna. Tsamaya o yo bolella monga hao, hore Elia o teng mona.”
9. Yaba Obadiya o re: “Ke o sitetswe kang, ha e le moo o batla ho neelana ka nna matsohong a Akabe, hore a mpolaye?
10. Ka Modimo ya phelang, ha ho setjhaba kapa mmuso oo monga ka a sa kang a ya o batla ho wona; ere ha ba re: <Ha a yo,> ebe o hlapantsha mmuso oo kapa setjhaba seo, hore ruri o fela o le siyo.