5. Elia a tsamaya, a etsa jwalokaha Morena a mo laetse, a ya dula pela molatswana wa Kerite, o ka botjhabela ho Jorodane.
6. Hoseng le mantsiboya makgwaba a ne a ye a mo tlisetse bohobe le nama, mme Elia o ne a enwa metsi a molatswana oo.
7. Kamora nakwana molatswana oo wa epsha, hobane pula e ne e sa ne.
8. Lentswe la Morena la fihla ho Elia, la re:
9. “Tsamaya, o ye Sarepeta e Sidone, o yo dula teng. Ke se ke laetse mosadi e mong wa mohlolohadi hona moo, hore a o fepe.”
10. Yaba Elia o a tsamaya, o ya Sarepeta. Eitse ha a fihla kgorong ya motse oo, a fumana mosadi wa mohlolohadi a ntse a rwalla patsi. Elia a howeletsa, a re: “Ke a o kopa: Ako ntlele le metsinyana ka mohope, ke tlo nwa.”
11. Yare ha mosadi a re o a ya, Elia a boela a mo howeletsa, a re: “Ke a o kopa: Ako ntlisetse le thathana ya bohobe.”
12. Mosadi eo a re: “Ka Morena Modimo wa hao ya phelang, ha ke na leha e le thathana feela. Phofshwana eo ke nang le yona ka lefiswaneng ke e ka tlalang seatla; le ole ha e sa le kae ka lekukeng. Ke thonaka ditjhatjhana tse seng kae, hore ke yo pheha, nna le moshanyana wa ka re tle re je, re ntano itjhwella.”
13. Yaba Elia o re ho mosadi eo: “O se ke wa tshaba; tsamaya o yo etsa kamoo o boletseng kateng, empa pele ho tsohle, nketsetse moqathane, o o tlise kwano, ebe jwale o etsetsa wena le moshanyana wa hao.
14. Morena Modimo wa Iseraele, o re: <Phofo e ka lefiswaneng, le ole e ka lekukeng, di ke ke tsa fela, ho fihlela mohla Morena a nesang pula lefatsheng.> ”
15. Mosadi eo a tsamaya, a etsa kamoo Elia a mo laetseng kateng. Mosadi eo, le moshanyana wa hae, le Elia, ba nna ba eba le dijo hoyahoile.