1 Dikgosi 17:14-24 BIBELE (SSO89SO)

14. Morena Modimo wa Iseraele, o re: <Phofo e ka lefiswaneng, le ole e ka lekukeng, di ke ke tsa fela, ho fihlela mohla Morena a nesang pula lefatsheng.> ”

15. Mosadi eo a tsamaya, a etsa kamoo Elia a mo laetseng kateng. Mosadi eo, le moshanyana wa hae, le Elia, ba nna ba eba le dijo hoyahoile.

16. Phofo e ka lefiswaneng, le ole e ka lekukeng, tsa fela tsa se ke tsa fela, jwalokaha Morena a ne a boletse ka molomo wa Elia.

17. Kamorao ho tsena, mosadi eo wa mohlolohadi, e leng monga lelapa, a kulelwa ke moshanyana eo wa hae, hoo moshanyana eo a bileng a shwa.

18. Mosadi eo a re ho Elia: “Ekaba o ntsekisang, motho wa Modimo? Na o tletse hore sebe sa ka se hopolwe, mme moshanyana wa ka a shwe?”

19. Elia a re ho yena: “Mo tlise kwano!” Elia a nka setopo sefubeng sa mosadi, a se isa ka kamoreng e kahodimo, moo yena Elia a neng a dula teng, a fihla a se bea hodima bethe ya hae.

20. Elia a ipiletsa ho Morena, a re: “Morena Modimo wa ka, na u fela o otlile le mohlolohadi eo ya nthotseng, ka ho bolaya moshanyana wa hae?”

21. A paqama hodima setopo ka makgetlo a mararo, a ipiletsa ho Morena, a re: “Morena Modimo wa ka, ke a o rapela! Moya wa ngwana enwa a o ke o kgutlele ka ho yena hape.”

22. Morena a mamela thapelo ya Elia, moya wa ngwana wa kgutlela ka ho yena, mme a phela.

23. Yaba Elia o nka ngwana, o mo theolela ka kamoreng e katlase, o mo nea mmae. Elia a re: “Bona, mora wa hao o a phela!”

24. Mosadi a re ho Elia: “Ka ketso ena, ke a tseba jwale hore o moporofeta wa Modimo, le hore seo Modimo a se bolelang ka molomo wa hae ke nnete.”

1 Dikgosi 17