1 Dikgosi 17:1-11 BIBELE (SSO89SO)

1. Elia, ya neng a ahile Tishebe e Gileade, a re ho Akabe: “Ka Morena Modimo wa Iseraele ya phelang, eo ke mo sebeletsang, ho ke ke ha lala phoka, kapa ha na pula ka dilemo tsena, haese ka taelo ya ka.”

2. Lentswe la Morena la fihla ho Elia, la re:

3. “Tsamaya, o lebe nqa botjhabela, o yo ipata pela molatswana wa Kerite, o ka botjhabela ho Jorodane.

4. O tla nwa metsi a molatswana oo, mme ke se ke laetse makgwaba hore a o fepe.”

5. Elia a tsamaya, a etsa jwalokaha Morena a mo laetse, a ya dula pela molatswana wa Kerite, o ka botjhabela ho Jorodane.

6. Hoseng le mantsiboya makgwaba a ne a ye a mo tlisetse bohobe le nama, mme Elia o ne a enwa metsi a molatswana oo.

7. Kamora nakwana molatswana oo wa epsha, hobane pula e ne e sa ne.

8. Lentswe la Morena la fihla ho Elia, la re:

9. “Tsamaya, o ye Sarepeta e Sidone, o yo dula teng. Ke se ke laetse mosadi e mong wa mohlolohadi hona moo, hore a o fepe.”

10. Yaba Elia o a tsamaya, o ya Sarepeta. Eitse ha a fihla kgorong ya motse oo, a fumana mosadi wa mohlolohadi a ntse a rwalla patsi. Elia a howeletsa, a re: “Ke a o kopa: Ako ntlele le metsinyana ka mohope, ke tlo nwa.”

11. Yare ha mosadi a re o a ya, Elia a boela a mo howeletsa, a re: “Ke a o kopa: Ako ntlisetse le thathana ya bohobe.”

1 Dikgosi 17