22. Empa setjhaba se ileng sa latela Omeri sa hlola se neng se latetse Tibeni, mora wa Ginate; kahoo Tibeni a shwa, mme Omeri ya eba kgosi.
23. Ka selemo sa mashome a mararo a motso o mong Asa e le kgosi ya naha ya Juda, Omeri a qala ho busa naha ya Iseraele. A busa ka dilemo tse leshome le metso e mmedi; tse tsheletseng tsa tsona a di qeta a le Tiresa.
24. Omeri a reka leralla la Samaria ho Shemere ka silefera e ka etsang boima ba dikilo tse mashome a supileng. A haha motse hodima leralla leo, a o reella Shemere, eo e neng e le monga leralla leo, a re ke Samaria.
25. Empa Omeri a etsa bobe mahlong a Morena. A etsa tse mpe ho feta bohle ba bileng teng pele ho yena.
26. A tsamaya mehlaleng yohle ya Jeroboame, mora wa Nebate, a etsa le sebe se kang sa hae, se neng se etse hore Baiseraele ba sitelwe Morena, ba phephetse Morena Modimo wa Iseraele, hore a ba halefele ka baka la medimo ya bona ya bohata.