1 Dikgosi 16:2-14 BIBELE (SSO89SO)

2. “Ho tloha haesale ke o ntsha leroleng, ke o etsa kgosi ya setjhaba sa ka sa Iseraele, o nnile wa tsamaya mehlaleng ya Jeroboame. O entse hore setjhaba sa ka sa Iseraele se ntshitelwe, mme se mphephetse hore ke se halefele ka baka la dibe tsa sona.

3. Ka baka lena ke tla timetsa Basha le ba lelapa la hae; lelapa leo ke le etse seo ke neng ke se etse lelapa la Jeroboame, mora wa Nebate.

4. E mong le e mong wa lelapa la Basha ya shwelang motseng, o tla jewa ke dintja, mme ya shwelang naheng o tla jewa ke dinonyana tse fofang.”

5. Ditaba tse ding tsa Basha, le tseo a ileng a di etsa, le bohlabani ba hae, di ngotswe Bukeng ya Diketsahalo tsa Dikgosi tsa Iseraele.

6. Basha a shwa, mme a epelwa Tiresa. Ela, mora wa hae, a mo hlahlama.

7. Lentswe la Morena la fihla ho moporofeta Jehu, mora wa Hanani, le nyatsa Basha le ba lelapa la hae, ka baka la bobe bohle boo a ileng a bo etsa moo Morena a ntseng a bona. Ka mesebetsi ya hae a phephetsa Morena hore a mo halefele, e se feela hobane a ile a etsisa lelapa la Jeroboame, empa le kahobane a ile a le timetsa.

8. Ka selemo sa mashome a mabedi a metso e tsheletseng Asa e le kgosi ya naha ya Juda, Ela, mora wa Basha, a qala ho busa naha ya Iseraele, a le Tiresa. A busa ka dilemo tse pedi.

9. Empa mohlanka wa hae Simeri, eo e neng e le molaodi wa halofo ya bahlabani ba palamang dikariki tsa ntwa, a rera ho mmolaya. Kgosi Ela o ne a le Tiresa, ka tlung ya Aresa, mookamedi wa lelapa la Ela le motseng wa Tiresa, a ntse a enwa, a tahwa.

10. Simeri a kena ka tlung eo, a hlaba Ela, a mmolaya, e le ka selemo sa mashome a mabedi a metso e supileng Asa e le kgosi ya naha ya Juda. Simeri a hlahlama Ela.

11. Hanghang ha Simeri a qala ho dula teroneng ya hae, a busa, a bolaya bohle ba lelapa la Basha, a se ke a siya le ya mong wa ba batona, esitana le bang ka yena, kapa bao e leng metswalle ya hae.

12. Ka mokgwa ona Simeri a timetsa bohle ba lelapa la Basha, ha phethahala polelo ya Morena, eo a neng a e bue ka molomo wa moporofeta Jehu, a nyatsa Basha,

13. ka baka la dibe tsohle tsa Basha, le dibe tsohle tsa Ela, mora wa hae, tseo ba ileng ba sitelwa Morena ka tsona, ba etsa hore le Baiseraele ba sitwe, ba phephetse Morena Modimo wa Iseraele, ba mo halefise ka medimo ya bona ya bohata.

14. Ditaba tse ding tsa Ela, le tsohle tseo a ileng a di etsa, di ngotswe Bukeng ya Diketsahalo tsa Dikgosi tsa Iseraele.

1 Dikgosi 16