1 Dikgosi 16:13-26 BIBELE (SSO89SO)

13. ka baka la dibe tsohle tsa Basha, le dibe tsohle tsa Ela, mora wa hae, tseo ba ileng ba sitelwa Morena ka tsona, ba etsa hore le Baiseraele ba sitwe, ba phephetse Morena Modimo wa Iseraele, ba mo halefise ka medimo ya bona ya bohata.

14. Ditaba tse ding tsa Ela, le tsohle tseo a ileng a di etsa, di ngotswe Bukeng ya Diketsahalo tsa Dikgosi tsa Iseraele.

15. Ka selemo sa mashome a mabedi a metso e supileng Asa e le kgosi ya naha ya Juda, Simeri a busa ka matsatsi a supileng, a le Tiresa. Bahlabani ba ne ba etseditse motse wa Gibetone, o naheng ya Bafilesita, thibella.

16. Bahlabani bao ba utlwa ho thwe: “Simeri o ile a rera kgosi, mme o e bolaile.” Ka lona letsatsi leo, hona moo diahelong, bahlabani bohle ba bea Omeri, molaodi wa lebotho la bona, hore e be yena kgosi ya naha ya Iseraele.

17. Yaba Omeri o tloha Gibetone, o nyolohela Tiresa a ena le Baiseraele bohle, mme ba etsetsa Tiresa thibella.

18. Eitse ha Simeri a bona hore motse o se o hapilwe, a kena qhobosheaneng e kahare ho ntlo ya kgosi, a itjheseletsa kahara yona, a shwa.

19. E ne e le ka baka la dibe tseo a ileng a di etsa, ka ho etsa bobe mahlong a Morena, ka ho tsamaya mehlaleng ya Jeroboame, le ka ho etsa sebe se kang sa hae, se neng se etse hore Baiseraele ba sitelwe Morena.

20. Ditaba tse ding tsa Simeri, le bohlabaphiyo boo a neng a bo etse, di ngotswe Bukeng ya Diketsahalo tsa Dikgosi tsa Iseraele.

21. Jwale setjhaba sa Iseraele sa aroha dihlopha tse pedi. Sehlopha se seng sa latela Tibeni, mora wa Ginate, sa re se mo etsa kgosi, mme se seng sona sa latela Omeri.

22. Empa setjhaba se ileng sa latela Omeri sa hlola se neng se latetse Tibeni, mora wa Ginate; kahoo Tibeni a shwa, mme Omeri ya eba kgosi.

23. Ka selemo sa mashome a mararo a motso o mong Asa e le kgosi ya naha ya Juda, Omeri a qala ho busa naha ya Iseraele. A busa ka dilemo tse leshome le metso e mmedi; tse tsheletseng tsa tsona a di qeta a le Tiresa.

24. Omeri a reka leralla la Samaria ho Shemere ka silefera e ka etsang boima ba dikilo tse mashome a supileng. A haha motse hodima leralla leo, a o reella Shemere, eo e neng e le monga leralla leo, a re ke Samaria.

25. Empa Omeri a etsa bobe mahlong a Morena. A etsa tse mpe ho feta bohle ba bileng teng pele ho yena.

26. A tsamaya mehlaleng yohle ya Jeroboame, mora wa Nebate, a etsa le sebe se kang sa hae, se neng se etse hore Baiseraele ba sitelwe Morena, ba phephetse Morena Modimo wa Iseraele, hore a ba halefele ka baka la medimo ya bona ya bohata.

1 Dikgosi 16