1 Dikgosi 15:4-19 BIBELE (SSO89SO)

4. Leha ho le jwalo, ka baka la Davida, Morena Modimo wa hae, o ile a mo sitsa ka mora ya tla mo hlahlama, hore Jerusalema e nne e tiye;

5. kahobane ka matsatsi wohle a bophelo ba hae Davida o ile a etsa ho lokileng mahlong a Morena, a se ke a kgeloha letho la ditaelo tseo Morena a mo laetseng tsona, haese feela tabeng ya Uriya wa Mohete.

6. Ntwa ya nna ya lwana pakeng tsa Rehoboame le Jeroboame ka matsatsi wohle a ho phela ha bona.

7. Diketso tse ding tsa Abiya, le tsohle tseo a ileng a di etsa, di ngotswe Bukeng ya Diketsahalo tsa Dikgosi tsa Juda. Ntwa ya nna ya lwana pakeng tsa Abiya le Jeroboame.

8. Abiya a shwa, mme a epelwa Motseng wa Davida. Asa, mora wa hae, a mo hlahlama.

9. Ka selemo sa mashome a mabedi sa puso ya Jeroboame, kgosi ya Iseraele, Asa a qala ho busa ba morabe wa Juda.

10. A busa a le Jerusalema ka dilemo tse mashome a mane a motso o mong. Lebitso la nkgonwae e ne e le Maaka, setloholo sa Abishalome.

11. Asa a etsa ho lokileng mahlong a Morena, jwaloka Davida, ntataemoholo.

12. Naheng ya hae yohle a leleka banna bohle ba kgethetsweng ho etsetsa bohlola ka dibakeng tseo ho rapellwang medimo ya bohata ho tsona, a fedisa medingwana yohle ya bohata, e neng e entswe ke bo-ntatae.

13. A tlosa le nkgonwae Maaka setulong sa bofumahadi, hobane o ne a entse setshwantsho se nyonyehang sa Ashera. Asa a pshatla modimo oo wa bohata, a o tjhesetsa ka molatswaneng wa Kiderone.

14. Empa dibaka tsa borapedi tseo ho rapellwang medimo ya bohata ho tsona, a se ke a di fedisa. Leha ho le jwalo, bophelong bohle ba hae Asa o ne a tshepahala ho Morena.

15. Ka Tempeleng ya Morena a tlisa tsohle tseo yena le ntatae, ba neng ba di abetse Morena. E ne e le silefera, le kgauta, le dintho tse ding.

16. Ntwa ya nna ya lwana pakeng tsa Asa le Basha, kgosi ya Iseraele, ka matsatsi wohle a ho phela ha bona.

17. Basha, kgosi ya Iseraele, a futuhela naha ya Juda, mme a haheletsa motse wa Rama, hore a thibele bohle ba yang kapa ba tswang ho Asa, kgosi ya Juda.

18. Asa a nka silefera yohle le kgauta yohle e neng e bolokilwe ka letloleng la Tempele ya Morena, le ka letloleng la ntlo ya kgosi. Tsena a di romela ka bahlanka ba hae ho Bene-Hadade, mora wa Taberimone, setloholo sa Heseone, kgosi ya Arame e neng e ahile Damaseka. A re ho Bene-Hadade:

19. “Rona le wena re na le selekane, jwalokaha bo-ntata rona ba ne ba ena le sona. Jwale ke o rometse mpho ya silefera le kgauta; tsamaya he, o yo senya selekane sa lona le Basha, kgosi ya Iseraele, hore a tle a ntlhokomolohe.”

1 Dikgosi 15