20. Bene-Hadade a ananela mantswe ao a kgosi Asa, a romela balaodi ba mabotho a hae ho futuhela metse ya Iseraele; a ripitla motse wa Ione, le wa Dane, le wa Abele-Bete-Maaka, le naha yohle ya Kinerete, le Nafthali yohle.
21. Eitse ha Basha a utlwela taba ena, a kgaotsa ho haheletsa motse wa Rama, a ya aha Tiresa.
22. Kgosi Asa a etsa kgoweletso e akaretsang bohle ba naheng ya Juda, hore ba thothe majwe le dithupa tseo Basha a neng a haheleditse Rama ka tsona; yaba ka tsona o haheletsa Geba e Benjamine, le Misepa.
23. Ditaba tse ding tsa Asa, le bohlabani ba hae, le tsohle tseo a ileng a di etsa, le metse eo a e hahileng, tsena di ngotswe Bukeng ya Diketsahalo tsa Dikgosi tsa Juda. Leha ho le jwalo, botsofading ba hae o ile a holofala maoto.
24. Asa a shwa, mme a epelwa le bo-ntatae Motseng wa Davida. Jehoshafate, mora wa hae, a mo hlahlama.
25. Ka selemo sa bobedi Asa e le kgosi ya Juda, Nadabe, mora wa Jeroboame, a qala ho busa setjhaba sa Iseraele, mme a se busa ka dilemo tse pedi.
26. A etsa bobe mahlong a Morena, a tsamaya mehlaleng ya ntatae, a etsa sebe se kang sa ntatae, seo ka sona a neng a etse hore Baiseraele ba sitelwe Morena.
27. Empa Basha, mora wa Ahiya, wa ntlo ya Isakare, a mo rera, mme a mmolaela motseng wa Bafilesita o bitswang Gibetone, ha bo-Nadabe le Baiseraele bohle ba ne ba etseditse motse oo thibella.
28. Basha a bolaya Nadabe ka selemo sa boraro sa puso ya Asa, kgosi ya Juda, mme Basha a busa sebakeng sa hae.
29. Hoba Basha a nke puso, a bolaya bohle ba lelapa la Jeroboame; a se ke a siya le ya mong wa lelapa leo la Jeroboame a ntse a phela, ho fihlela lelapa leo le timella ruri. Ha phethehala polelo ya Morena, eo a neng a e bolele ka mohlanka wa hae Ahiya wa Shilo.