15. Ka Tempeleng ya Morena a tlisa tsohle tseo yena le ntatae, ba neng ba di abetse Morena. E ne e le silefera, le kgauta, le dintho tse ding.
16. Ntwa ya nna ya lwana pakeng tsa Asa le Basha, kgosi ya Iseraele, ka matsatsi wohle a ho phela ha bona.
17. Basha, kgosi ya Iseraele, a futuhela naha ya Juda, mme a haheletsa motse wa Rama, hore a thibele bohle ba yang kapa ba tswang ho Asa, kgosi ya Juda.
18. Asa a nka silefera yohle le kgauta yohle e neng e bolokilwe ka letloleng la Tempele ya Morena, le ka letloleng la ntlo ya kgosi. Tsena a di romela ka bahlanka ba hae ho Bene-Hadade, mora wa Taberimone, setloholo sa Heseone, kgosi ya Arame e neng e ahile Damaseka. A re ho Bene-Hadade:
19. “Rona le wena re na le selekane, jwalokaha bo-ntata rona ba ne ba ena le sona. Jwale ke o rometse mpho ya silefera le kgauta; tsamaya he, o yo senya selekane sa lona le Basha, kgosi ya Iseraele, hore a tle a ntlhokomolohe.”
20. Bene-Hadade a ananela mantswe ao a kgosi Asa, a romela balaodi ba mabotho a hae ho futuhela metse ya Iseraele; a ripitla motse wa Ione, le wa Dane, le wa Abele-Bete-Maaka, le naha yohle ya Kinerete, le Nafthali yohle.
21. Eitse ha Basha a utlwela taba ena, a kgaotsa ho haheletsa motse wa Rama, a ya aha Tiresa.
22. Kgosi Asa a etsa kgoweletso e akaretsang bohle ba naheng ya Juda, hore ba thothe majwe le dithupa tseo Basha a neng a haheleditse Rama ka tsona; yaba ka tsona o haheletsa Geba e Benjamine, le Misepa.
23. Ditaba tse ding tsa Asa, le bohlabani ba hae, le tsohle tseo a ileng a di etsa, le metse eo a e hahileng, tsena di ngotswe Bukeng ya Diketsahalo tsa Dikgosi tsa Juda. Leha ho le jwalo, botsofading ba hae o ile a holofala maoto.
24. Asa a shwa, mme a epelwa le bo-ntatae Motseng wa Davida. Jehoshafate, mora wa hae, a mo hlahlama.