11. Asa a etsa ho lokileng mahlong a Morena, jwaloka Davida, ntataemoholo.
12. Naheng ya hae yohle a leleka banna bohle ba kgethetsweng ho etsetsa bohlola ka dibakeng tseo ho rapellwang medimo ya bohata ho tsona, a fedisa medingwana yohle ya bohata, e neng e entswe ke bo-ntatae.
13. A tlosa le nkgonwae Maaka setulong sa bofumahadi, hobane o ne a entse setshwantsho se nyonyehang sa Ashera. Asa a pshatla modimo oo wa bohata, a o tjhesetsa ka molatswaneng wa Kiderone.
14. Empa dibaka tsa borapedi tseo ho rapellwang medimo ya bohata ho tsona, a se ke a di fedisa. Leha ho le jwalo, bophelong bohle ba hae Asa o ne a tshepahala ho Morena.
15. Ka Tempeleng ya Morena a tlisa tsohle tseo yena le ntatae, ba neng ba di abetse Morena. E ne e le silefera, le kgauta, le dintho tse ding.
16. Ntwa ya nna ya lwana pakeng tsa Asa le Basha, kgosi ya Iseraele, ka matsatsi wohle a ho phela ha bona.
17. Basha, kgosi ya Iseraele, a futuhela naha ya Juda, mme a haheletsa motse wa Rama, hore a thibele bohle ba yang kapa ba tswang ho Asa, kgosi ya Juda.
18. Asa a nka silefera yohle le kgauta yohle e neng e bolokilwe ka letloleng la Tempele ya Morena, le ka letloleng la ntlo ya kgosi. Tsena a di romela ka bahlanka ba hae ho Bene-Hadade, mora wa Taberimone, setloholo sa Heseone, kgosi ya Arame e neng e ahile Damaseka. A re ho Bene-Hadade:
19. “Rona le wena re na le selekane, jwalokaha bo-ntata rona ba ne ba ena le sona. Jwale ke o rometse mpho ya silefera le kgauta; tsamaya he, o yo senya selekane sa lona le Basha, kgosi ya Iseraele, hore a tle a ntlhokomolohe.”
20. Bene-Hadade a ananela mantswe ao a kgosi Asa, a romela balaodi ba mabotho a hae ho futuhela metse ya Iseraele; a ripitla motse wa Ione, le wa Dane, le wa Abele-Bete-Maaka, le naha yohle ya Kinerete, le Nafthali yohle.
21. Eitse ha Basha a utlwela taba ena, a kgaotsa ho haheletsa motse wa Rama, a ya aha Tiresa.