9. O entse bokgopo ho feta batho bohle ba bileng teng pele ho wena. O iketseditse medimo e meng ya ditshwantsho tse bopilweng, hore o nkgalefise, mme jwale o mphuraletse.
10. “ <Ka baka leo, ntlo ya Jeroboame ke tla e dihela koduwa. Ke tla bolaya bohle ba batona ba lelapa la Jeroboame; e ka ba makgoba kapa ba lokolohileng. Ke tla timetsa masalla a lelapa la Jeroboame, jwalokaha motho a besa kgapane, e ba e re lore!
11. E mong le e mong wa ba lelapa la Jeroboame ya shwelang motseng, o tla jewa ke dintja, mme e mong le e mong ya shwelang naheng, o tla jewa ke dinonyana tse fofang,> hobane ho buile Morena.
12. “Tsamaya he, o boele ha hao! Etlare ha o kena motseng ngwana eo a shwe.
13. Baiseraele bohle ba tla mo llela, ba mo epele. Ke yena feela wa lelapa la Jeroboame ya tla epelwa, hobane ke yena feela wa lelapa la Jeroboame eo Morena a fumanang ho hong ho lokileng ho yena.
14. “Ho feta mona, Morena o tla ikgethela kgosi e tla busa Baiseraele, e tla timetsa lelapa la Jeroboame hona mohlang oo. E seng kajeno; hona jwale!
15. Morena o tla tsukutla Baiseraele jwaloka lehlaka ha le tsukutlwa ke metsi. Morena o tla phahla bana ba Iseraele naheng ena e ntle, eo a e neileng bo-ntata bona, a ba qhalanyetse naheng e kamose ho Noka; hobane ba ile ba iketsetsa ditshwantsho tsa Ashera, mme ba halefisa Morena.
16. Morena o tla lahla bana ba Iseraele ka baka la dibe tseo Jeroboame a di entseng, le tseo a entseng hore bana ba Iseraele ba di etse.”
17. Yaba mosadi wa Jeroboame o a ema, o a tsamaya, o fihla Tiresa. Ha a qala a fihla mathuleng a ntlo, ke ha ngwana a eshwa.
18. Baiseraele bohle ba mo epela, ba mo llela jwalokaha Morena a ne a boletse ka molomo wa mohlanka wa hae, moporofeta Ahiya.
19. Ditaba tse ding tsa Jeroboame, tsa kamoo a ileng a hlabana kateng, le kamoo a ileng a busa kateng, di ngotswe Bukeng ya Diketsahalo tsa Dikgosi tsa Iseraele.