5. Morena a re ho Ahiya: “Hela, mosadi wa Jeroboame o a tla. Mora wa hae o a kula, mme o tlilo disetsa. O tle o bue tjena le tjena ho yena, hobane o tla fihla ho wena a ikgakantse, eka ke mosadi e mong.”
6. Ha fela ha eba jwalo. Ha Ahiya a utlwa diqi tsa mosadi ha a atamela monyako, yaba o re: “Kena, wena mohatsa Jeroboame! Ke ka baka lang ha o ikgakantse tjee, hore e ke o mosadi e mong? Ke na le ditaba tse bohloko, tseo ke tshwanetseng ho o tsebisa tsona.
7. Tsamaya, o yo bolella Jeroboame, o re: <Morena Modimo wa Iseraele, o re: Ke o phahamisitse hara setjhaba, mme ka o etsa kgosi ya setjhaba sa ka sa Iseraele.
8. Ka amoha lelapa la Davida mmuso, ka o nea wona, empa ha wa ka wa tshwana le Davida, mohlanka wa ka, ya ileng a boloka melao ya ka, a ntatela ka pelo ya hae yohle, mme a etsa feela se lokileng mahlong a ka.
9. O entse bokgopo ho feta batho bohle ba bileng teng pele ho wena. O iketseditse medimo e meng ya ditshwantsho tse bopilweng, hore o nkgalefise, mme jwale o mphuraletse.
10. “ <Ka baka leo, ntlo ya Jeroboame ke tla e dihela koduwa. Ke tla bolaya bohle ba batona ba lelapa la Jeroboame; e ka ba makgoba kapa ba lokolohileng. Ke tla timetsa masalla a lelapa la Jeroboame, jwalokaha motho a besa kgapane, e ba e re lore!
11. E mong le e mong wa ba lelapa la Jeroboame ya shwelang motseng, o tla jewa ke dintja, mme e mong le e mong ya shwelang naheng, o tla jewa ke dinonyana tse fofang,> hobane ho buile Morena.
12. “Tsamaya he, o boele ha hao! Etlare ha o kena motseng ngwana eo a shwe.
13. Baiseraele bohle ba tla mo llela, ba mo epele. Ke yena feela wa lelapa la Jeroboame ya tla epelwa, hobane ke yena feela wa lelapa la Jeroboame eo Morena a fumanang ho hong ho lokileng ho yena.
14. “Ho feta mona, Morena o tla ikgethela kgosi e tla busa Baiseraele, e tla timetsa lelapa la Jeroboame hona mohlang oo. E seng kajeno; hona jwale!