1 Dikgosi 14:22-31 BIBELE (SSO89SO)

22. Ba morabe wa Juda ba sitelwa Morena. Ba halefisa Morena ka dibe tseo ba ileng ba di etsa, e leng tse fetang tsohle tseo bo-ntata bona ba ileng ba di etsa.

23. Hodima maralla wohle a phahameng, le katlasa difate tsohle tse talana, ba ikgahela dibaka tsa borapedi, ba iketsetsa difika tseo ba di kgumamelang, le ditshwantsho tsa Ashera.

24. Naheng eo yohle ho ne ho ena le banna ba neng ba kgethetswe ho etsetsa bohlola ka dibakeng tseo ho rapellwang medimo ya bohata ho tsona. Ba etsa manyala wohle a neng a etswa ke ditjhaba tseo Morena a ileng a di leleka kapele ho bana ba Iseraele.

25. Ka selemo sa bohlano sa puso ya kgosi Rehoboame, Shishake, kgosi ya Egepeta, a futuhela Jerusalema.

26. A hapa matlotlo a Tempele ya Morena, le matlotlo a ntlo ya kgosi. A hapa tsohle, a hapa le dithebe tsa kgauta tse neng di entswe ke Solomone.

27. Sebakeng sa tsona kgosi Rehoboame a etsa dithebe tsa lethose, mme a di bea taolong ya balaodi ba balebedi ba neng ba lebela manyako wa ntlo ya kgosi.

28. Kamehla ha kgosi e ne e kena ka Tempeleng ya Morena, balebedi ba ne ba ye ba di nke, ba be ba di kgutlisetse tlung ya balebedi.

29. Diketso tse ding tsa Rehoboame, le tsohle tseo a ileng a di etsa di ngotswe Bukeng ya Diketsahalo tsa Dikgosi tsa Juda.

30. Ntwa ya nna ya lwana pakeng tsa Rehoboame le Jeroboame ka matsatsi wohle a ho phela ha bona.

31. Rehoboame a shwa, mme a epelwa le bo-ntatae Motseng wa Davida. Lebitso la mmae e ne e le Naama wa Moamone. Abiya, mora wa hae, a mo hlahlama.

1 Dikgosi 14