11. E mong le e mong wa ba lelapa la Jeroboame ya shwelang motseng, o tla jewa ke dintja, mme e mong le e mong ya shwelang naheng, o tla jewa ke dinonyana tse fofang,> hobane ho buile Morena.
12. “Tsamaya he, o boele ha hao! Etlare ha o kena motseng ngwana eo a shwe.
13. Baiseraele bohle ba tla mo llela, ba mo epele. Ke yena feela wa lelapa la Jeroboame ya tla epelwa, hobane ke yena feela wa lelapa la Jeroboame eo Morena a fumanang ho hong ho lokileng ho yena.
14. “Ho feta mona, Morena o tla ikgethela kgosi e tla busa Baiseraele, e tla timetsa lelapa la Jeroboame hona mohlang oo. E seng kajeno; hona jwale!
15. Morena o tla tsukutla Baiseraele jwaloka lehlaka ha le tsukutlwa ke metsi. Morena o tla phahla bana ba Iseraele naheng ena e ntle, eo a e neileng bo-ntata bona, a ba qhalanyetse naheng e kamose ho Noka; hobane ba ile ba iketsetsa ditshwantsho tsa Ashera, mme ba halefisa Morena.
16. Morena o tla lahla bana ba Iseraele ka baka la dibe tseo Jeroboame a di entseng, le tseo a entseng hore bana ba Iseraele ba di etse.”
17. Yaba mosadi wa Jeroboame o a ema, o a tsamaya, o fihla Tiresa. Ha a qala a fihla mathuleng a ntlo, ke ha ngwana a eshwa.
18. Baiseraele bohle ba mo epela, ba mo llela jwalokaha Morena a ne a boletse ka molomo wa mohlanka wa hae, moporofeta Ahiya.
19. Ditaba tse ding tsa Jeroboame, tsa kamoo a ileng a hlabana kateng, le kamoo a ileng a busa kateng, di ngotswe Bukeng ya Diketsahalo tsa Dikgosi tsa Iseraele.
20. Jeroboame o ile a busa ka dilemo tse mashome a mabedi a metso e mmedi, a nto shwa. Nadabe, mora wa hae, a mo hlahlama.
21. Rehoboame, mora wa Solomone, a busa Juda. O ne a ena le dilemo tse mashome a mane a motso o mong ha a qala ho busa. O ile a busa ka dilemo tse leshome le metso e supileng a le Jerusalema, e leng motse oo Morena a neng a ikgethele wona hara merabe yohle ya Iseraele, hore o tla ba teng ho wona. Lebitso la mmae e ne e le Naama wa Moamone.
22. Ba morabe wa Juda ba sitelwa Morena. Ba halefisa Morena ka dibe tseo ba ileng ba di etsa, e leng tse fetang tsohle tseo bo-ntata bona ba ileng ba di etsa.