1. Ka yona nako eo Abia, mora wa Jeroboame, a kula.
2. Yaba Jeroboame o re ho mosadi wa hae: “Ke a o rapela: Ako tsamaye o ikgakantse, ho se ke ha tsejwa hore o mosadi wa ka, o ye Shilo. Moporofeta Ahiya o teng hona moo, e leng yena ya neng a mpolelle hore ke tla ba kgosi ya setjhaba sena.
3. O nke dinkgwa tse leshome, le mangangajane a morara, le lekuka le tshetseng mahe a dinotshi, o ye ho yena. O tla o bolella se tla hlahela ngwana.”
4. Mosadi wa Jeroboame a fela a etsa jwalo, a tsamaya, a ya Shilo, a fihla tlung ya Ahiya. Ahiya o ne a se a foufetse ka baka la boqheku.
5. Morena a re ho Ahiya: “Hela, mosadi wa Jeroboame o a tla. Mora wa hae o a kula, mme o tlilo disetsa. O tle o bue tjena le tjena ho yena, hobane o tla fihla ho wena a ikgakantse, eka ke mosadi e mong.”
6. Ha fela ha eba jwalo. Ha Ahiya a utlwa diqi tsa mosadi ha a atamela monyako, yaba o re: “Kena, wena mohatsa Jeroboame! Ke ka baka lang ha o ikgakantse tjee, hore e ke o mosadi e mong? Ke na le ditaba tse bohloko, tseo ke tshwanetseng ho o tsebisa tsona.
7. Tsamaya, o yo bolella Jeroboame, o re: <Morena Modimo wa Iseraele, o re: Ke o phahamisitse hara setjhaba, mme ka o etsa kgosi ya setjhaba sa ka sa Iseraele.
8. Ka amoha lelapa la Davida mmuso, ka o nea wona, empa ha wa ka wa tshwana le Davida, mohlanka wa ka, ya ileng a boloka melao ya ka, a ntatela ka pelo ya hae yohle, mme a etsa feela se lokileng mahlong a ka.