21. Moporofeta wa leqheku a re ho moporofeta wa Modimo ya tswang Juda: “Morena o bua tjena: <O tlotse taelo ya Morena, ha o a boloka molao oo Morena Modimo wa hao, a o laetseng wona.
22. O ile wa kgutla, mme o jele dijo, wa ba wa nwa le metsi sebakeng seo ke ileng ka re ho wena ka sona: O se ke wa ja dijo, kapa wa nwa metsi. Ka baka lena, setopo sa hao se ke ke sa epelwa mabitleng a bontatao.> ”
23. Kamora hoba a je dijo, a nwe metsi, moporofeta wa leqheku a qhanehela moporofeta eo a ileng a mo kgutlisa tseleng, tonki.
24. Ha moporofeta eo a ntse a tsamaya, a kopana le tau tseleng, mme ya mmolaya. Setopo sa hae sa rapalla kahara tsela, tonki ya ema pela sona, le tau ya ema pela sona.
25. Batho ha ba feta ba bona setopo se rapaletse kahara tsela, tau e eme pela sona. Ba fihla motseng oo moporofeta wa leqheku a ahileng ho wona, mme ba pheta taba eo.
26. Ha moporofeta wa leqheku, ya ileng a kgutlisa moporofeta wa Modimo tseleng, a utlwa hona, a re: “Motho eno ke moporofeta wa Modimo, ya ileng a tlola taelo ya Modimo; ka baka leo, Morena o mo neetse tau e ileng ya mo harola, ya mmolaya, ho latela puo eo Morena a ileng a e bua ho yena.”
27. Yaba o re ho bara ba hae: “Nqhaneheleng tonki!” Ba mo qhanehela yona.
28. A tsamaya, a fumana setopo sa moporofeta wa Modimo se rapaletse kahara tsela, tonki le tau di ntse di eme pela sona. Tau e ne e sa ka ya ja setopo, kapa ya harola tonki.
29. Yaba moporofeta wa leqheku o nka setopo sa moporofeta wa Modimo, o se belesa hodima tonki, o kgutlela le sona motseng, ho tla llela moporofeta eo wa Modimo, le ho mo epela.
30. Setopo sena a se epela ka lebitleng la hae, mme ba llela moporofeta, ba re: “Jo! ngwaneso wee!”
31. Kamora hoba a se epele, a re ho bara ba hae: “Ha ke se ke shwele, le tle le nkepele ka lebitleng leo moporofeta wa Modimo a epetsweng ka ho lona; masapo a ka le a bee pela masapo a hae.
32. Mantswe ao, ka taelo ya Morena, moporofeta wa Modimo, a ileng a omanya aletare e Bethele ka wona, le ditempele tsohle tseo ho rapellwang medimo ya bohata ho tsona, metseng ya Samaria, ruri a tla phethahala.”
33. Esitana leha hona ho se ho etsahetse, Jeroboame a nna a tswela pele mekgweng ya hae e kgopo. Batho ba eisehang hara setjhaba a nna a ba etsa baprista ba ditempele tseo ho rapellwang medimo ya bohata ho tsona. Mang kapa mang ya ratang, a mo etsa e mong wa baprista ba ditempele tseo ho rapellwang medimo ya bohata ho tsona.
34. Ntho ena ya eba sebe sa lelapa la Jeroboame, se ileng sa le fedisa, mme sa le timetsa lefatsheng.