1 Dikgosi 13:1-9 BIBELE (SSO89SO)

1. Ka taelo ya Morena, moporofeta wa Modimo, ya tswang naheng ya Juda, a fihla Bethele. A fumana Jeroboame a eme pela aletare, a ntse a tjhesa mokubetso.

2. Ho latela taelo ya Morena, moporofeta eo a omanya aletare, a re: “Aletare towe! Aletare towe! Morena o bua tjena: <Bona, ho tla tswalwa ngwana tlung ya Davida, mme lebitso la hae e tla ba Josiya. O tla etsetsa Morena mahlabelo ka baprista ba ditempele tseo ho rapellwang medimo ya bohata ho tsona, ba tjhesetsang mokubetso hodima hao. Masapo a batho o tla a tjhesetsa hodima hao.> ”

3. Ka lona letsatsi leo a ba nea pontsho, a re: “Pontsho ya hore Morena o buile jwalo ke ena: Aletare ena e tla peperana, mme molora o hodima yona o qhalane.”

4. Yare ha kgosi Jeroboame a utlwa dipolelo tsa moporofeta wa Modimo, tseo a omanyang aletare ka tsona, a mo supa ka monwana, yena Jeroboame a ntse a le aletareng, a re: “Mo tshwareng!” Letsoho leo la hae, leo a neng a supile moporofeta ka lona, la satalla hoo a ileng a sitwa ho le kgutlisa.

5. Aletare le yona ya peperana, mme molora o hodima yona wa qhalana, ho latela pontsho eo moporofeta wa Modimo a ileng a e bolela, ka taelo ya Morena.

6. Kgosi ya re ho moporofeta wa Modimo: “Ako rapele Morena Modimo wa hao, o nthapelle hore letsoho la ka le fole.” Moporofeta enwa wa Modimo a rapela Morena, mme letsoho la kgosi la fola, la eba jwaloka pele.

7. Jwale kgosi ya re ho moporofeta wa Modimo: “A re ye le wena ha ka, o yo ja, mme ke tla o putsa.”

8. Moporofeta wa Modimo a re ho kgosi: “Leha o ne o ka nnea halofo ya leruo la hao, ke ne nke ke ka ya. Nke ke ka ja dijo, kapa ka nwa metsi sebakeng sena.

9. Morena o ntaetse jwalo, a re: <O se ke wa ja dijo, kapa wa nwa metsi, kapa wa kgutla ka tsela eo o tlileng ka yona.> ”

1 Dikgosi 13