1. Rehoboame a ya Shekeme, moo Baiseraele bohle ba neng ba ile teng, ho ya mmea hore e be kgosi.
2. Ha Jeroboame, mora wa Nebate, ya neng a ntse a le Egepeta, a utlwa tsena, a nna a dula moo Egepeta. O ne a ile a baleha kgosi Solomone, a ya phela Egepeta.
3. Yaba jwale Jeroboame o a latwa, mme yena le setjhaba sohle sa Baiseraele, ba fihla ho Rehoboame, ba re:
4. “Ntatao o ne a re imeditse ka mosebetsi. Ka baka lena, ako re imolle mosebetsi ona oo ntatao a ileng a re imetsa ka wona, mme re tla o sebeletsa.”
5. Rehoboame a re ho bona: “Ako mpheng sebaka sa matsatsi a mararo, le nto tla ho nna hape.” Yaba setjhaba se a qhalana.
6. Jwale a eletsana le bannabaholo bao e neng e le baeletsi ba Solomone, ntatae, ha a sa phela, a re ho bona: “Le nkeletsa hore ke arabe setjhaba see jwang?”
7. Ba re ho yena: “Haeba ho tloha kajeno o ka ba mohlanka wa setjhaba sena, wa se sebeletsa, wa bua le sona hantle ha o se araba, e tla ba bahlanka ba hao.”
8. Rehoboame a se ke a mamela keletso ya bannabaholo, a eletsana le bahlankana bao a hotseng le bona, ba neng ba mo sebeletsa.
9. A re ho bona: “Le nkeletsa hore setjhaba see ke se arabe jwang, se itseng ho nna: <Ako re imolle mosebetsi oo ntatao a ileng a re imetsa ka wona>?”
10. Bahlankana bana bao a hotseng le bona ba mo araba, ba re: “Setjhaba sena se itseng ho wena: <Ntatao o ne a re imeditse ka mosebetsi; wena ako re imolle,> o tle o se arabe tjena, o re: <Monwana wa ka o monyenyane o motenya ho feta letheka la ntate.
11. Ntate o ile a le imetsa ka mosebetsi; nna ke tla le imetsa le ho feta. Ntate o ne a le shapa ka diphafa; nna ke tla le shapa ka katse.> ”