34. “ <Leha ho le jwalo, ha ke na ho mo amoha mmuso wohle, empa ke tla mo etsa kgosana ka matsatsi wohle a ho phela ha hae, ka baka la Davida, mohlanka wa ka, eo ke ileng ka mo kgetha, hobane a ile a boloka melao ya ka le ditaelo tsa ka.
35. Empa ke tla amoha mora wa hae mmuso, ebe wena ke o nea merabe e leshome.
36. Mora wa hae yena ke tla mo nea morabe o le mong, e le hore Davida, mohlanka wa ka, a nne a buse kamehla motseng wa Jerusalema, e leng motse oo ke o kgethetseng hore ke be ho wona.
37. Ke tla o nka, mme o buse kahohle kamoo o lakatsang kateng, o be kgosi ya Iseraele.
38. Haeba o ka mamela tsohle tseo ke o laelang tsona, wa tsamaya ka ditsela tsa ka, wa etsa ho lokileng mahlong a ka, ka ho boloka ditaelo tsa ka le melao ya ka, jwalokaha Davida, mohlanka wa ka, a ile a etsa, ke tla ba le wena. Ke tla tiisa lelapa la hao, jwalokaha ke ile ka tiisa la Davida, mme ke o nee setjhaba sa Iseraele.
39. Ka hona ke tla hlokofatsa ditloholo tsa Davida, empa e seng kamehla yohle.> ”
40. Ka lebaka lena Solomone a batla ho bolaya Jeroboame, empa Jeroboame a balehela Egepeta, ho Shishake, kgosi ya Epepeta. A dula Egepeta ho fihlela Solomone a eshwa.
41. Diketso tse ding tsa Solomone, le tsohle tseo a di entseng, le bohlale ba hae, di ngotswe Bukeng ya Diketso tsa Solomone.
42. Solomone a busa Iseraele yohle, a le Jerusalema, ka dilemo tse mashome a mane.
43. Solomone a shwa, a epelwa Motseng wa Davida, ntatae, moo ho epetsweng bo-ntatae, mme Rehoboame, mora wa hae, a mo hlahlama.