3. O ne a ena le basadi ba makgolo a supileng, bao e neng e le dikgosatsana, a ena le basadi ba mafielo ba makgolo a mararo. Basadi bana ba hae ba mo kgelosa.
4. Ha Solomone a se a tsofetse, basadi bana ba hae ba mo kgelosa hore a sebeletse medimo e meng. Pelo ya hae ya se ke ya hlola e tshepahala ka ho tlala ho Morena Modimo wa hae, jwalokaha pelo ya Davida, ntatae, yona e ne e tshepahala.
5. Solomone a kgumamela Asetarote, modimo wa Basidone, le Milekome, e leng manyala a Baamone.
6. Solomone a etsa bobe mahlong a Morena, a se ke a hlola a latela Morena ka ho tlala, jwalokaha Davida, ntatae, a ne a ile a latela Morena.
7. Hodima leralla le ka botjhabela ho Jerusalema, Solomone a hahela Kemoshe, e leng manyala a Moabe, le Milekome, e leng manyala a Baamone, aletare ya mahlabelo.
8. Le basadi ba hae, ba baditjhaba, a ba etsetsa jwalo, mme ba tjhesa mokubetso, ba nyehella medimo ya bona ka mahlabelo.
9. Morena a halefela Solomone, hobane pelo ya hae e ne e furaletse Morena Modimo wa Iseraele, ya neng a ile a itlhahisa ho yena ka makgetlo a mabedi,
10. mme a mo laela hore a se ke a latela medimo e meng, empa Solomone a se ke a phetha seo Morena a mo laetseng sona.
11. Ka baka leo, Morena a re ho Solomone: “Kaha o entse hona, mme o sa boloka selekane sa ka, le ditaelo tseo ke o laetseng tsona, ruri ke tla o amoha mmuso, ke o nee mohlanka wa hao.