24. E ne e ile yare ha Davida a hlola Hadade-Esere, Resone a bokella banna, mme ya eba yena molaodi wa sehlopha sena. Bo-Resone ba ikela Damaseka, ba haha teng, mme Resone ya eba kgosi ya Damaseka.
25. Resone ya eba sera sa Solomone ka nako yohle ya bophelo ba Solomone, mme a eketsa dikgathatso hodima tse bakilweng ke Hadade. Yena Resone eo, ya neng a nyonya Baiseraele, ya eba kgosi ya Arame.
26. Jeroboame, mora wa Nebate, Moefraime wa Sereda, mohlanka wa Solomone, le yena a fetohela kgosi Solomone. Lebitso la mmae e ne e le Serua, mosadi wa mohlolohadi.
27. Sesosa se neng se etse hore Jeroboame a fetohele kgosi ke sena: Solomone o ne a ntse a haha lerako la Milo, a thiba dikgeo lerakong la Motse wa Davida, ntatae.
28. Jeroboame e ne e le monna ya matla. Ha Solomone a bona hore mohlankana enwa o mafolofolo, a mmea hore e be mookamedi wa makgoba wohle a sebetsang seterekeng sa morabe wa Josefa.
29. Ka tsatsi le leng ha Jeroboame a etswa Jerusalema, a kgahlana le moporofeta Ahiya, wa Shilo. Ahiya o ne a apere seaparo se setjha, mme e le bona ba babedi feela naheng moo.
30. Ahiya a hlobola seaparo se setjha, seo a neng a se apere, a se nka, a se tabola ditsekana tse leshome le metso e mmedi.
31. Yaba o re ho Jeroboame: “Nka ditsekana tse leshome, hobane Morena Modimo wa Iseraele, o re: <Ke tla amoha Solomone mmuso, ebe wena ke o nea merabe e leshome.
32. Empa yena o tla sallwa ke morabe o le mong feela, ka baka la mohlanka wa ka Davida, le ka baka la Jerusalema, e leng motse oo ke ikgethetseng wona hara merabe yohle ya Iseraele.
33. Ke kahobane Solomone o mphuraletse. O kgumametse Asetarote, modimo wa Basidone, le Kemoshe, modimo wa Bamoabe, le Milekome, modimo wa Baamone. Ha a ya tsamaya ka ditsela tsa ka, ha a ya etsa ho lokileng mahlong a ka, mme ha a ya boloka ditaelo tsa ka le dikahlolo tsa ka, jwalokaha Davida, ntatae, yena a ile a di boloka.
34. “ <Leha ho le jwalo, ha ke na ho mo amoha mmuso wohle, empa ke tla mo etsa kgosana ka matsatsi wohle a ho phela ha hae, ka baka la Davida, mohlanka wa ka, eo ke ileng ka mo kgetha, hobane a ile a boloka melao ya ka le ditaelo tsa ka.
35. Empa ke tla amoha mora wa hae mmuso, ebe wena ke o nea merabe e leshome.
36. Mora wa hae yena ke tla mo nea morabe o le mong, e le hore Davida, mohlanka wa ka, a nne a buse kamehla motseng wa Jerusalema, e leng motse oo ke o kgethetseng hore ke be ho wona.
37. Ke tla o nka, mme o buse kahohle kamoo o lakatsang kateng, o be kgosi ya Iseraele.
38. Haeba o ka mamela tsohle tseo ke o laelang tsona, wa tsamaya ka ditsela tsa ka, wa etsa ho lokileng mahlong a ka, ka ho boloka ditaelo tsa ka le melao ya ka, jwalokaha Davida, mohlanka wa ka, a ile a etsa, ke tla ba le wena. Ke tla tiisa lelapa la hao, jwalokaha ke ile ka tiisa la Davida, mme ke o nee setjhaba sa Iseraele.
39. Ka hona ke tla hlokofatsa ditloholo tsa Davida, empa e seng kamehla yohle.> ”
40. Ka lebaka lena Solomone a batla ho bolaya Jeroboame, empa Jeroboame a balehela Egepeta, ho Shishake, kgosi ya Epepeta. A dula Egepeta ho fihlela Solomone a eshwa.