1 Dikgosi 10:16-29 BIBELE (SSO89SO)

16. Kgosi Solomone a etsa dithebe tse makgolo a mabedi ka kgauta e thutsweng, mme thebe e nngwe le e nngwe ya etswa ka kgauta e etsang boima ba dikilo tse supileng.

17. A boela a etsa dithejana tse makgolo a mararo ka kgauta e thutsweng, mme thejana e nngwe le e nngwe ya etswa ka kgauta e etsang boima ba dikilo tse pedi. Yaba kgosi e di bea ka tlung e bitswang Moru wa Lebanone.

18. Hape kgosi ya etsa terone e kgolo, e entsweng ka manaka a tlou, mme ya a maneha kgauta e hlwekisitsweng.

19. Terone ena e ne e ena le mehato e tsheletseng, bokahodimo ba terone bo le botjhitja kamorao, ho ena le letsoho la ho itshetleha ka lehlakoreng le leng le le leng la setulo, mme pela matsoho ao ho eme ditau tse pedi.

20. Ka lehlakoreng le leng le le leng la mohato o mong le o mong wa mehato ena e tsheletseng ho ne ho eme tau, kaofela e le ditau tse leshome le metso e mmedi. Ho ne ho eso be mmuso le o mong o kileng wa eba le terone e tjena.

21. Dinwelo tsohle tsa kgosi Solomone di ne di entswe ka kgauta; le thepa yohle ya ntlo ya Moru wa Lebanone e ne e entswe ka kgauta e hlwekisitsweng. Ho ne ho se tse entsweng ka silefera, hobane mehleng ya Solomone silefera e ne e sa tadingwe e le letho.

22. Lewatleng kgosi e ne e ena le dikepe tsa Tarashishe, tse neng di ena le tsa Hirame. Hanngwe kamora dilemo tse tharo, sehlopha sa dikepe tsena tsa Tarashishe se ne se ye se tle, se tlise kgauta, le silefera, le manaka a ditlou, le dikgabo, le dipikoko.

23. Ka mokgwa ona, kgosi Solomone a feta dikgosi tsohle tsa lefatshe ka matlotlo le ka bohlale,

24. mme batho ba lefatshe lohle ba tla ho yena, ho tla utlwa bohlale boo Modimo a mo fileng bona.

25. Motho ka mong o ne a mo tlisetsa mpho ya hae: dintho tse entsweng ka silefera le ka kgauta, le diaparo, le dihlomo, le dinoko, le dipere, le dimmeile. Hona ho ne ho etsahala ka selemo le selemo.

26. Solomone a bokella dikariki tsa ntwa, le bahlabani ba palamang. O ne a ena le dikariki tsa ntwa tse sekete le makgolo a mane, le bahlabani ba palamang ba dikete tse leshome le metso e mmedi. A ba bea metseng ya dikariki tsa ntwa le Jerusalema, ho kgosi.

27. Kgosi ya etsa hore motseng wa Jerusalema silefera e be ngata jwaloka majwe, le difate tsa dikedare di be ngata jwaloka difate tsa monokotshwai tse phuleng.

28. Bahwebi ba kgosi Solomone ba ne ba mo rekela dipere Egepeta le Kue.

29. Kariki ya ntwa e ne e rekwa Egepta ka silefera e ka etsang boima ba dikilo tse supileng, pere yona e le kilo le halofo. Bahwebi ba ne ba di rekisetsa dikgosi tsa Bahete le dikgosi tsa Baarame.

1 Dikgosi 10