1 Dikgosi 10:1-7 BIBELE (SSO89SO)

1. Ha mofumahadi wa Sheba a utlwa kamoo Morena a tumisitseng Solomone kateng, a mo etela, ho ya mo nonya maikutlo ka dipotso tse thata.

2. A ya Jerusalema a ena le phiphitha ya balatedi; ho ena le dikamele tse belesitsweng dinoko, le kgauta e ngata, le mahakwe a bohlokwa. Ha a fihla ho Solomone a mmotsa dipotso tsohle tseo a neng a ena le tsona.

3. Solomone a araba dipotso tsohle tsa hae; ha se ke ha eba le letho le thatafallang kgosi, leo e sitwang ho le hlalosa.

4. Ha mofumahadi wa Sheba a se a bone bohlale bohle ba Solomone, a bone le ntlo eo kgosi e e hahileng,

5. le dijo tseo a di jang, le moo matona a hae a dulang teng, le moo basebeletsi ba hae ba emang teng, le diaparo tsa bona, le baqhatsetsi ba hae, le dinyehelo tsa setjheso ka Tempeleng ya Morena, a kgathala matla.

6. Yaba mofumahadi o re ho kgosi: “Ruri seo ke ileng ka se utlwa ha ke le naheng ya ka, malebana le diketso tsa hao, le bohlale ba hao, ke nnete!

7. Ke ne ke sa kgolwe ho fihlela ke etla mona, ke ipontsha ka mahlo a ka, empa ruri ba mpoleletse dinyane feela: Bohlale ba hao, le katleho ya hao di feta botumo boo ke bo boleletsweng.

1 Dikgosi 10