8. Empa bo-moprista Sadoke, le Benaya, mora wa Jehoyada, le moporofeta Nathane, le Shimei, le Rei, le mokgetho wa bahale ba Davida, bona ba se ke ba ananela morero ona wa Adoniya.
9. Ka tsatsi le leng Adoniya a etsa mahlabelo ka dinku, le ka dipholo, le ka manamane a nontshitsweng, a di hlabela Fikanoha, haufi le Sediba sa Rogele. A mema bana babo bohle, e leng bara ba kgosi, le banna bohle ba Juda, e leng matona a kgosi.
10. Empa a se ke a mema moporofeta Nathane, le Benaya, le bahlabani, le Solomone, ngwanabo.
11. Nathane a re ho Batesheba, mma Solomone: “Na ha o eso utlwe hore Adoniya, mora wa Hagite, e se e le yena kgosi, empa Davida, monga rona, a sa tsebe?
12. Ka baka leo, ere ke o eletse, o tle o tsebe ho ipholosa, le ho pholosa mora wa hao, Solomone.
13. Tsamaya, o ye ho kgosi Davida, o fihle o re ho yena: <Monga ka, kgosi ya ka, ha ke re o ne o hlapanyetse lekgabunyane la hao, wa re: “Ruri Solomone, mora wa hao, o tla ntlhahlama, a dule teroneng ya ka?” Jwale ho tla jwang hore ebe Adoniya ke kgosi?>
14. Etlare o sa ntsane o bua le kgosi ke kene ke o setse morao, ke fihle ke tiise dipolelo tsa hao.”
15. Batesheba a ya ho kgosi, ka kamoreng ya yona. Kgosi e ne e se e hodile haholo, mme Abishake wa Moshuneme o ne a e sebeletsa.
16. Batesheba a kgumama, a isa hlompho ho kgosi.Kgosi ya re ho yena: “O batlang?”