43. Jonathane a araba Adoniya, a re: “Ha ho jwalo! Monga rona, kgosi Davida, o beile Solomone hore e be kgosi.
44. Kgosi e ile ya laela bomoprista Sadoke, le moporofeta Nathane, le Benaya, mora wa Jehoyada, le Bakerete, le Bapelete, hore ba tsamaye le yena. Ba ile ba mo qhanehela mmeile wa kgosi.
45. Hoba bo-moprista Sadoke le moporofeta Nathane ba mo tlotsetse Gihone, ba nyoloha ka ditlatse, mme motse wohle wa di amohela. Ke lona lerata leo le le utlwang.
46. Solomone o se a bile a dutse teroneng.
47. Esita le matona a kgosi a ile a ya ho ya lebohela monga wona, kgosi Davida, a re: <Modimo wa hao a ke a tumise lebitso la Solomone ho feta la hao, mme a hodise mmuso wa hae le ho feta wa hao.> Kgosi ya obama e ntse e le diphateng,
48. yaba e re: <Ho bokwe Morena Modimo wa Iseraele, eo ka letsatsi lena a beileng e mong wa bara ba ka teroneng, ke sa ntse ke phela.> ”
49. Bamemuwa bohle ba neng ba ena le Adoniya ba tshoha, ba ema, mme motho ka mong a ya ka tselana ya hae.
50. Ka baka la ho tshaba Solomone, Adoniya le yena a tsamaya, a fihla a itshwarella manakeng a aletare.
51. Ha bolellwa Solomone, ha thwe: “Adoniya o tshohile kgosi Solomone, o bile o itshwareletse manakeng a aletare, o re: <Kajeno kgosi Solomone a ke a ntlhapanyetse hore a ke ke a bolaya mohlanka wa hae ka sabole.> ”
52. Solomone a re: “Haeba a ka tshepahala, ha ho qoba ya moriri wa hae e tla wela fatshe, empa haeba a ka fumanwa a le kgopo, o tla bolawa.”
53. Kgosi Solomone a romela maqosa ho ya mo tlosa aletareng. Adoniya a fihla a obamela kgosi Solomone. Yaba Solomone o re ho yena: “Eya ha hao!”