28. Kgosi Davida a araba, a re: “Mpitsetseng Batesheba!” Batesheba a kena kamoo kgosi e leng kateng, a ema kapele ho yona.
29. Kgosi ya hlapanya, ya re: “Ka Morena ya phelang, ya mpholositseng ditsietsing tsohle tsa ka,
30. ruri, jwalokaha ke ile ka o hlapanyetsa ka lebitso la Morena Modimo wa Iseraele, ka re: <Ruri Solomone, mora wa hao, o tla ntlhahlama, a dule teroneng ya ka,> ke tla fela ke phethahatse kano ena hona kajeno lena.”
31. Batesheba a koqama, a obama, a isa hlompho ho kgosi, a re: “Monga ka, kgosi Davida, a ke a re phelele!”
32. Yaba kgosi Davida o re: “Mpitsetseng moprista Sadoke, le moporofeta Nathane, le Benaya, mora wa Jehoyada!” Ha ba fihla kapele ho kgosi,
33. kgosi ya re ho bona: “Tsamayang le bahlanka ba monga lona, le qhanehele mora wa ka, Solomone, mmeile wa ka, le theohele le yena Gihone.
34. Moprista Sadoke, le moporofeta Nathane, ba mo tlotsetse hona teng, e be kgosi ya Baiseraele. Jwale le letse lenaka, le howe, le re: <Kgosi Solomone a ke a re phelele!>
35. Ebe jwale le nyoloha le mo setse morao, a tle, a tlo dula teroneng ya ka, e be kgosi sebakeng sa ka. Ke yena eo ke mo laetseng hore e be mmusi wa setjhaba sa Iseraele le sa Juda.”
36. Benaya, mora wa Jehoyada, a araba kgosi, a re: “A ho ke ho be jwalo! Morena Modimo wa monga ka, kgosi ya ka, le yena a tiise taba eo!
37. Jwalokaha Morena a nnile a ba le monga ka, kgosi, a ke a be le Solomone, mme a hodise mmuso wa hae le ho feta wa monga ka, kgosi Davida.”
38. Bo-moprista Sadoke, le moporofeta Nathane, le Benaya, mora wa Jehoyada, le Bakerete, le Bapelete, ba theoha, ba qhanehela Solomone mmeile wa kgosi Davida, ba mo isa Gihone.
39. Moprista Sadoke a nka lenaka la ole ka Tenteng, a tlotsa Solomone. Ba letsa lenaka, mme setjhaba sohle sa howa, sa re: “Kgosi Solomone a ke a re phelele!”
40. Setjhaba sohle sa nyoloha se mo setse morao, se ntse se letsa makodilo, se thabile haholo hoo ditlatse tsa sona di bileng tsa sisinya lefatshe.
41. Hoba bo-Adoniya, le bamemuwa bohle ba neng ba ena le yena, ba qete ho ja, ba utlwa ditlatse. Ha Joabe a utlwa modumo wa lenaka, a re: “Lerata le motseng lee, ke lang?”