24. Yaba Nathane o re: “Monga ka, kgosi ya ka, na o ne o re: <Adoniya o tla ntlhahlama, mme a dule teroneng ya ka>?
25. Kajeno o theohile, a ya etsa mahlabelo ka dipholo, le ka dinku, le ka manamane a nontshitsweng. O bile o memile bana bohle ba kgosi, le balaodi ba mabotho, le moprista Abiatare. Jwale ba ntse ba eja, ba enwa le yena, ba howa, ba re: <Kgosi Adoniya a ke a re phelele!>
26. Ha e le nna, mohlanka wa hao, le moprista Sadoke, le Benaya, mora wa Jehoyada, le mohlanka wa hao Solomone, ha a a re mema.
27. Na ntho ee e entswe ke monga ka, kgosi ya ka, empa o eso tsebise bahlanka ba hao hore na ke mang ya tla o hlahlama, a dule teroneng?”
28. Kgosi Davida a araba, a re: “Mpitsetseng Batesheba!” Batesheba a kena kamoo kgosi e leng kateng, a ema kapele ho yona.
29. Kgosi ya hlapanya, ya re: “Ka Morena ya phelang, ya mpholositseng ditsietsing tsohle tsa ka,
30. ruri, jwalokaha ke ile ka o hlapanyetsa ka lebitso la Morena Modimo wa Iseraele, ka re: <Ruri Solomone, mora wa hao, o tla ntlhahlama, a dule teroneng ya ka,> ke tla fela ke phethahatse kano ena hona kajeno lena.”
31. Batesheba a koqama, a obama, a isa hlompho ho kgosi, a re: “Monga ka, kgosi Davida, a ke a re phelele!”