1. Kgosi Davida o ne a se a hodile, e se e le mobu; leha a pupetswa ka dikobo o ne a se a sa futhumale.
2. Ka baka leo, bahlanka ba hae ba re ho yena: “Monga rona, kgosi ya rona, e seng o batlelwe morwetsana ya tla o sebeletsa, a o hlokomele, a robale le wena, o tle o futhumale?”
3. Yaba ba batla morwetsana e motle ho feta bohle naheng ya Iseraele; ba fumana Abishake wa Moshuneme, mme ba mo isa ho kgosi.
4. Morwetsana eo o ne a le motle haholo. A hlokomela kgosi, a e sebeletsa, empa kgosi ya se ke ya kena dikobong tsa hae.
5. Adoniya, mora wa Hagite, a ipoledisa, a re: “Ho tla rena nna!” A iphumanela dikariki tsa ntwa, le bahlabani ba palamang, le banna ba ditaaso ba mashome a mahlano, ba mo etellang pele.
6. Haesale e le yena, ntatae o ne a eso ka a mo kgalemela le ka mohla, a re: “O etseditseng tjee?” Etswe Adoniya o ne a le motle haholo, a bile a hlahlama Abosalome.
7. A etsa mmomori le Joabe, mora wa Seruya, le moprista Abiatare, mme bao ba mo tlatsa.
8. Empa bo-moprista Sadoke, le Benaya, mora wa Jehoyada, le moporofeta Nathane, le Shimei, le Rei, le mokgetho wa bahale ba Davida, bona ba se ke ba ananela morero ona wa Adoniya.
9. Ka tsatsi le leng Adoniya a etsa mahlabelo ka dinku, le ka dipholo, le ka manamane a nontshitsweng, a di hlabela Fikanoha, haufi le Sediba sa Rogele. A mema bana babo bohle, e leng bara ba kgosi, le banna bohle ba Juda, e leng matona a kgosi.