1 Diketsahalo 9:9-23 BIBELE (SSO89SO)

9. Bana babo bona, ho ya ka meloko ya bona, ba ne ba le makgolo a robong le mashome a mahlano a metso e tsheletseng. Banna bana bohle e ne e le dihlooho tsa malapa abo bona.

10. Baprista ba neng ba ahile Jerusalema ke bana: Jedaya, le Jehoyaribe, le Jakine,

11. le Asariya, mora wa Hilekiya, eo baholoholo ba hae e neng e le bo-Meshulame, le Sadoke, le Meraote, le Ahitube, eo e neng e le mookamedi wa Tempele ya Modimo,

12. le Adaya, mora wa Jerohame, eo baholoholo ba hae e neng e le bo-Pashahure, le Malakiya, le Maasai, le Adiele, le Jahesera, le Meshulame, le Meshilemite, le Imere.

13. Bana babo bona bao e neng e le dihlooho tsa malapa abo bona, ba ne ba le sekete le makgolo a supileng le mashome a tsheletseng. E ne e le banna ba tsebang ho sebeletsa ka Tempeleng ya Modimo.

14. Balevi ba neng ba ahile Jerusalema ke bana: Shemaya, mora wa Hashube, setloholo sa Asarikama, setloholwana sa Hashabiya, e mong wa bara ba Merari,

15. le Bakabakare, le Hereshe, le Galale, le Mataneya, mora wa Mmika, setloholo sa Sikeri, setloholwana sa Asafo,

16. le Obadiya, mora wa Shemaya, setloholo sa Galale, setloholwana sa Jedutune, le Berekiya, mora wa Asa, setloholo sa Elekana ya neng a ahile metseng ya Banetofa.

17. Balebedi ba menyako ya Tempele e ne e le Shalome, le Akube, le Talamone, le Ahimane, le bana babo bona. Mookamedi wa bona e ne e le Shalome.

18. Pele ho mona, ba ne ba lebela kgoro ya kgosi e ka botjhabela, e le bona ba lebelang kgoro ya diahelo tsa Balevi.

19. Shalome, mora wa Kore, setloholo sa Abiasafo, setloholwana sa Kora, le bana babo, ba lelapa la Kora, e ne e le baokamedi ba mosebetsi oo, e le balebedi ba menyako ya Tente ya Morena, jwalokaha bo-ntata bona ba ne ba okametse lebotho le lebelang menyako ya Tente ya Morena.

20. Mehleng ya pele, Finease, mora wa Eleasare, e ne e le mookamedi wa bona, mme Morena a ena le yena.

21. Sekariya, mora wa Meshelemiya, e ne e le molebedi wa monyako wa Tente ya Morena.

22. Bohle ba ileng ba kgethelwa hore e be balebedi ba menyako ba ne ba le makgolo a mabedi le leshome le metso e mmedi. Ba ne ba badilwe ho ya ka meloko ya bona, metseng ya habo bona. Bo-Davida le moporofeta Samuele ke bona ba neng ba hlomamise banna bana mosebetsing ona wa bona, o nang le boikarabelo.

23. Ka baka leo, banna bao le bara ba bona, ba ne ba lebela menyako ya Tempele ya Morena, e leng Tente ya Morena.

1 Diketsahalo 9