1 Diketsahalo 9:34-41 BIBELE (SSO89SO)

34. Bana e ne e le dihlooho tsa malapa a Balevi, e le dihlooho tsa meloko yohle ya bona, mme ba ahile Jerusalema.

35. Jeiele, mothei wa Gibeone, o ne a ahile Gibeone. Lebitso la mosadi wa hae e ne e le Maaka.

36. Mora wa hae wa matsibolo e ne e le Abadone, a hlahlangwa ke Sure, le Kishe, le Baale, le Nere, le Nadabe,

37. le Gedore, le Ako, le Sekariya, le Mikelote.

38. Mikelote a tswala Shimeame. Le bona ba ne ba ahile Jerusalema, haufi le bana babo bona.

39. Nere a tswala Kishe, Kishe a tswala Saule, Saule a tswala Jonathane le Malekishuwa, le Abinadabe, le Eshebaale.

40. Mora wa Jonathane e ne e le Meriba-Baale; Meriba-Baale a tswala Mmika.

41. Bana ba Mmika e ne e le Pitone, le Meleke, le Taherea, le Akase.

1 Diketsahalo 9