1 Diketsahalo 9:31-39 BIBELE (SSO89SO)

31. Matiteya, e mong wa Balevi, e leng letsibolo la Shalome, wa morabe wa Kora, o ne a hlokomela tsohle tse phehwang ka dipane.

32. Bana babo bona ba bang, e leng bara ba Kohate, ba ne ba hlokomela bohobe bo halalelang, ba bo bea tafoleng ka letsatsi le leng le le leng la Sabatha.

33. Bao e neng e le dibini le dihlooho tsa malapa a Balevi, ba ne ba dula ka dikamoreng tsa Tempele, ba sa sebetse mesebetsi e meng, hobane bona ba ne ba sebetsa motsheare le bosiu.

34. Bana e ne e le dihlooho tsa malapa a Balevi, e le dihlooho tsa meloko yohle ya bona, mme ba ahile Jerusalema.

35. Jeiele, mothei wa Gibeone, o ne a ahile Gibeone. Lebitso la mosadi wa hae e ne e le Maaka.

36. Mora wa hae wa matsibolo e ne e le Abadone, a hlahlangwa ke Sure, le Kishe, le Baale, le Nere, le Nadabe,

37. le Gedore, le Ako, le Sekariya, le Mikelote.

38. Mikelote a tswala Shimeame. Le bona ba ne ba ahile Jerusalema, haufi le bana babo bona.

39. Nere a tswala Kishe, Kishe a tswala Saule, Saule a tswala Jonathane le Malekishuwa, le Abinadabe, le Eshebaale.

1 Diketsahalo 9