19. Shalome, mora wa Kore, setloholo sa Abiasafo, setloholwana sa Kora, le bana babo, ba lelapa la Kora, e ne e le baokamedi ba mosebetsi oo, e le balebedi ba menyako ya Tente ya Morena, jwalokaha bo-ntata bona ba ne ba okametse lebotho le lebelang menyako ya Tente ya Morena.
20. Mehleng ya pele, Finease, mora wa Eleasare, e ne e le mookamedi wa bona, mme Morena a ena le yena.
21. Sekariya, mora wa Meshelemiya, e ne e le molebedi wa monyako wa Tente ya Morena.
22. Bohle ba ileng ba kgethelwa hore e be balebedi ba menyako ba ne ba le makgolo a mabedi le leshome le metso e mmedi. Ba ne ba badilwe ho ya ka meloko ya bona, metseng ya habo bona. Bo-Davida le moporofeta Samuele ke bona ba neng ba hlomamise banna bana mosebetsing ona wa bona, o nang le boikarabelo.
23. Ka baka leo, banna bao le bara ba bona, ba ne ba lebela menyako ya Tempele ya Morena, e leng Tente ya Morena.
24. Balebedi ba menyako ba ne ba lebela mahlakore a mane, ke ho re ka botjhabela, le ka bophirimela, le ka leboya, le ka borwa.
25. Bana babo bona, ba metseng ya bona, ba ne ba etla ka nako le nako, kamora matsatsi a supileng, ho tla ba phomotsa.
26. Balebedi ba menyako ba bane, ba baholo, bao e neng e le Balevi, ba ne ba hlokomela dikamore, le matlole a Tempele ya Modimo.
27. Ba ne ba qeta bosiu ba potapotile Tempele ya Modimo, hobane ba ne ba laetswe ho e lebela, le ho e bula hoseng ho hong le ho hong.
28. Balevi ba bang ba ne ba hlokomela thepa e sebeletsang, ba e bale ha ba e tlisa ka Tempeleng, leha ba e kgutlisetsa polokelong.
29. Ba bang ba ne ba hlokomela dintho tsohle tsa Sehalalelo, le phofo e thumisehileng, le veine, le ole, le mokubetso, le dinoko.
30. Ba bang ba bara ba baprista ba ne ba etsa ditlolo ka dinoko.
31. Matiteya, e mong wa Balevi, e leng letsibolo la Shalome, wa morabe wa Kora, o ne a hlokomela tsohle tse phehwang ka dipane.