1 Diketsahalo 9:16-25 BIBELE (SSO89SO)

16. le Obadiya, mora wa Shemaya, setloholo sa Galale, setloholwana sa Jedutune, le Berekiya, mora wa Asa, setloholo sa Elekana ya neng a ahile metseng ya Banetofa.

17. Balebedi ba menyako ya Tempele e ne e le Shalome, le Akube, le Talamone, le Ahimane, le bana babo bona. Mookamedi wa bona e ne e le Shalome.

18. Pele ho mona, ba ne ba lebela kgoro ya kgosi e ka botjhabela, e le bona ba lebelang kgoro ya diahelo tsa Balevi.

19. Shalome, mora wa Kore, setloholo sa Abiasafo, setloholwana sa Kora, le bana babo, ba lelapa la Kora, e ne e le baokamedi ba mosebetsi oo, e le balebedi ba menyako ya Tente ya Morena, jwalokaha bo-ntata bona ba ne ba okametse lebotho le lebelang menyako ya Tente ya Morena.

20. Mehleng ya pele, Finease, mora wa Eleasare, e ne e le mookamedi wa bona, mme Morena a ena le yena.

21. Sekariya, mora wa Meshelemiya, e ne e le molebedi wa monyako wa Tente ya Morena.

22. Bohle ba ileng ba kgethelwa hore e be balebedi ba menyako ba ne ba le makgolo a mabedi le leshome le metso e mmedi. Ba ne ba badilwe ho ya ka meloko ya bona, metseng ya habo bona. Bo-Davida le moporofeta Samuele ke bona ba neng ba hlomamise banna bana mosebetsing ona wa bona, o nang le boikarabelo.

23. Ka baka leo, banna bao le bara ba bona, ba ne ba lebela menyako ya Tempele ya Morena, e leng Tente ya Morena.

24. Balebedi ba menyako ba ne ba lebela mahlakore a mane, ke ho re ka botjhabela, le ka bophirimela, le ka leboya, le ka borwa.

25. Bana babo bona, ba metseng ya bona, ba ne ba etla ka nako le nako, kamora matsatsi a supileng, ho tla ba phomotsa.

1 Diketsahalo 9