1. Baiseraele bohle ba balwa ho ya ka meloko ya bona, mme ba ngolwa Bukeng ya Dikgosi tsa Iseraele, le tsa Juda. Ka baka la ditshito tsa bona, ba thopuwa, ba iswa Babilona.
2. Ba pele ba ileng ba kgutla ho ya aha naheng ya bona le metseng ya bona e bile Baiseraele, le baprista, le Balevi, le bahlanka ba sebeletsang ka Tempeleng.
3. Ba morabe wa Juda, le ba morabe wa Benjamine, le ba morabe wa Efraime, le ba morabe wa Manase ba ileng ba aha Jerusalema ke bana:
4. Utai, mora wa Amihude, setloholo sa Omeri, setloholwana sa Imeri, setlohotloholwana sa Bani ya tswetsweng ke Perese, mora wa Juda.
5. Ho bara ba Shilo ya eba letsibolo la hae Asaya le bara ba hae;
6. ho bara ba Sera ya eba Jeuele le bana babo, ba le makgolo a tsheletseng le mashome a robong;
7. ho bara ba Benjamine ya eba Salo, mora wa Meshulame, setloholo sa Hodafiya, setloholwana sa Hasenuwa,
8. le Jibeneya, mora wa Jerohame, le Ela, mora wa Usi, setloholo sa Mikeri, le Meshulame, mora wa Shefatiya, setloholo sa Reuele, setloholwana sa Jibeneya.