1 Diketsahalo 8:7-21 BIBELE (SSO89SO)

7. Bara bao ba Ehude e ne e le Naamane, le Ahiya, le Gera. Ke Gera, ntata Usa le Ahihude ya ileng a ba fallisetsa Manahate.

8. Hoba Shaharaime a hlale Hushime le Baara, basadi ba hae, o ile a tswala bana ha a le naheng ya Moabe.

9. Bara bao Hodeshe, mosadi wa hae, a ileng a mo tswalla bona, e ne e le Jobabe, le Sebiya, le Mesha, le Malekame,

10. le Jeuse, le Shakiya, le Mirema. Bara bana ba hae e ne e le dihlooho tsa malapa abo bona.

11. Hushime o ne a ile a mo tswalla bara bana: Abitube le Elepaale.

12. Bara ba Elepaale e ne e le Ebere, le Mishame, le Shemede. Ke Shemede ya ileng a haha motse wa Ono le Lode, le metsana ya yona.

13. Beria le Shema, bara ba Elepaale, ba neng ba leleke baahi ba Gate, e ne e le bona dihlooho tsa malapa a ba neng ba ahile Aiyalone.

14. Bara ba bang ba Elepaale e ne e le Ako, le Shashake, le Jeremote,

15. le Sebadiya, le Arada, le Etere,

16. le Mikaele, le Jishepa, le Joha, e leng bara ba Beria,

17. le Sebadiya, le Meshulame, le Hisiki, le Hebere,

18. le Jishemerai, le Jiseleya, le Jobabe, e leng bara ba Elepaale.

19. Bara ba Shimei e ne e le Jakime, le Sikeri, le Sabedi,

20. le Eleenai, le Siletai, le Eleele,

21. le Adaya, le Beraya, le Shimerate.

1 Diketsahalo 8