1 Diketsahalo 8:34-40 BIBELE (SSO89SO)

34. Mora wa Jonathane e ne e le Meriba-Baale. Meriba-Baale a tswala Mmika.

35. Bara ba Mmika e ne e le Pitone, le Meleke, le Tarea, le Akase.

36. Akase a tswala Jehowada, Jehowada a tswala Alemete, le Asemafete, le Simeri. Simeri a tswala Mosa.

37. Mosa a tswala Bina, Bina a tswala Rafa, Rafa a tswala Eleasa, Eleasa a tswala Asele.

38. Asele o ne a ena le bara ba tsheletseng. Mabitso a bona ke ana: Asarikama, le Bokeru, le Ishemaele, le Sheariya, le Obadiya, le Hanane. Bana bohle e ne e le bara ba Asele.

39. Bara ba ngwanabo Esheke e ne e le Ulame, letsibolo la hae, a hlahlangwa ke Jeushe, le Elefelede.

40. Bara ba Ulame e ne e le bahale ba tsebang ho fula ka metsu. Ba ne ba ena le bara ba bangata, le ditloholo tse ngata. Palo ya bone e ne e le lekgolo le mashome a mahlano.Bana bohle ke ditloholo tsa Benjamine.

1 Diketsahalo 8