25. le Jifediya, le Penuele.
26. Bara ba Jerohame e ne e le Shamesherai, le Shehariya, le Ataleya,
27. le Jaareshiya, le Elia, le Sikeri.
28. Bana e ne e le bona dihlooho tsa malapa abo bona, kamoo a ngotsweng kateng bukeng ya leloko. Ba ne ba ahile Jerusalema.
29. Jeiele, mothei wa Gibeone, o ne a ahile Gibeone. Lebitso la mosadi wa hae e ne e le Maaka.
30. A itsibola ka Abadone, Abadone a hlahlangwa ke Sure, le Kishe, le Baale, le Nadabe,
31. le Gedore, le Ako, le Sakere,
32. le Mikelote, ya ileng a tswala Shima. Le bona bana ba ne ba ahile Jerusalema, pela bana babo bona.
33. Nere a tswala Kishe, Kishe a tswala Saule, Saule a tswala Jonathane, le Malekishuwa, le Abinadabe, le Eshebaale.