1 Diketsahalo 8:11-18 BIBELE (SSO89SO)

11. Hushime o ne a ile a mo tswalla bara bana: Abitube le Elepaale.

12. Bara ba Elepaale e ne e le Ebere, le Mishame, le Shemede. Ke Shemede ya ileng a haha motse wa Ono le Lode, le metsana ya yona.

13. Beria le Shema, bara ba Elepaale, ba neng ba leleke baahi ba Gate, e ne e le bona dihlooho tsa malapa a ba neng ba ahile Aiyalone.

14. Bara ba bang ba Elepaale e ne e le Ako, le Shashake, le Jeremote,

15. le Sebadiya, le Arada, le Etere,

16. le Mikaele, le Jishepa, le Joha, e leng bara ba Beria,

17. le Sebadiya, le Meshulame, le Hisiki, le Hebere,

18. le Jishemerai, le Jiseleya, le Jobabe, e leng bara ba Elepaale.

1 Diketsahalo 8