1. Benjamine a itsibola ka Bela, wa bobedi ya eba Ashebele, wa boraro ya eba Ahara,
2. wa bone ya eba Noha, wa bohlano ya eba Rafa.
3. Bara ba Bela e ne e le Adare, le Gera, le Abihude,
4. le Abishua, le Naamane, le Ahowake,
5. le Gera, le Shefufane, le Hurame.
6. Bana ke bara ba Ehude, e leng bona dihlooho tsa malapa a ba neng ba ahile Geba, ba ileng ba fallisetswa Manahate.
7. Bara bao ba Ehude e ne e le Naamane, le Ahiya, le Gera. Ke Gera, ntata Usa le Ahihude ya ileng a ba fallisetsa Manahate.