1 Diketsahalo 7:7-16 BIBELE (SSO89SO)

7. Bara ba Bela bona e ne e le Esebone, le Usi, le Usiele, le Jerimote, le Iri. Ba ne ba le bahlano. E ne e le dihlooho tsa malapa abo bona, e bile e le bahale. Bukeng eo ba ngotsweng ho yona, ba ne ba le dikete tse mashome a mabedi a metso e mmedi, le mashome a mararo a metso e mene.

8. Bara ba Bekere bona e ne e le Semira, le Jowashe, le Eleesere, le Eleunai, le Omeri, le Jeremote, le Abiya le Anatotiya, le Alemete. Bana kaofela e ne e le bara ba Bekere.

9. Buka eo ba ngotsweng ho yona ho ya ka malapa abo bona, e hlahisa dihlooho tsa malapa, le bahlabani ba dikete tse mashome a mabedi le makgolo a mabedi.

10. Mora wa Jediaele e ne e le Bilehane; bara ba Bilehane e le Jeushe, le Benjamine, le Ehude, le Kenaneya, le Setane, le Tarashishe, le Ahishahare.

11. Bana kaofela e ne e le ditloholo tsa Jediaele, e le dihlooho tsa malapa abo bona, e bile e le bahale. Ba ne ba le dikete tse leshome le metso e supileng le makgolo a mabedi, mme e le malalaalaotswe.

12. Bara ba Ire e ne e le Shupime, le Hupime; mora wa Ahere e le Hushime.

13. Bara ba Nafthali e ne e le Jaheseele, le Guni, le Jesere, le Shalome. E ne e le ditloholo tsa Bileha.

14. Bara ba Manase, bao a ba tswaletsweng ke mosadi wa hae wa lefielo, wa Moarame, e ne e le Aserele le Makiri, ntata Gileade.

15. Yaba Makiri o nyala kgaitsedi ya Hupime le Shupime, eo lebitso la yona e neng e le Maaka. Mora wa bobedi wa Manase e ne e le Selofehade, ya ileng a ba le baradi feela.

16. Maaka, mohatsa Makiri, a tswala mora, mme a mo rea lebitso la Pereshe; moena wa hae e le Shereshe. Bara ba Pereshe e ne e le Ulame, le Rakema.

1 Diketsahalo 7