1 Diketsahalo 7:21-31 BIBELE (SSO89SO)

21. Tahate a tswala Sabada, Sabada a tswala Shutela. Efraime o ne a ena le bara ba bang ba babedi, e leng Esere le Elade, ba neng ba bolawe ke banna ba matswallwa a Gate, ha ba ne ba ilo hapa mehlape ya bona.

22. Ntata bona Efraime a ba llela ka nako e telele, mme bana babo ba tla ho tla mo tshedisa.

23. Efraime a boela a kena dikobong tsa mosadi wa hae. Mosadi eo wa hae a ithwala, mme a tswala mora. Efraime a mo rea lebitso le Beria, hobane lelapa la hae le ne le hlahetswe ke bomadimabe.

24. Moradi wa Efraime e ne e le Sheera ya ileng a haha Bete-Horone e tlase, le e hodimo, le Usene-Sheera.

25. Mora e mong wa Efraime e ne e le Refa. Refa a tswala Reshefe, Reshefe a tswala Tela, Tela a tswala Tahane,

26. Tahane a tswala Ladane, Ladane a tswala Amihude, Amihude a tswala Eleshama,

27. Eleshama a tswala Nune, Nune a tswala Joshua.

28. Naha ya bona, eo ba neng ba ahile ho yona, e ne e le Bethele le metsana ya yona. Ka botjhabela e le Naarane, ka bophirimela e le Gesere le metsana ya yona, le Shekeme le metsana ya yona, le ho ya fihla Aya le metsaneng ya yona.

29. Meeding ya ba morabe wa Manase e le Bete-Sheane le metsana ya yona, le Taanake le metsana ya yona, le Megido le metsana ya yona, le Dore le metsana ya yona. Bara ba Josefa, mora wa Iseraele, ba ne ba ahile metseng ena.

30. Bara ba Ashere e ne e le Jimena, le Jishefa, le Jishefi, le Beria, kgaitsedi ya bona e le Sera.

31. Bara ba Beria e ne e le Hebere, le Malekiele, ntata Biresaite.

1 Diketsahalo 7